Location via proxy:   [ UP ]  
[Report a bug]   [Manage cookies]                

Sesotho Poetry Melodi Ya Dithothokiso

Download as pdf or txt
Download as pdf or txt
You are on page 1of 80

IGREYIDI

MIND THE GAP! 12


Sesotho
MELODI YA DITHOTHOKISO
BANGODI LE BAHLOPHISI BA BUKANA ENA YA MOITHUTI: MtG
MELODI YA DITHOTHOKISO

Ke bana ba latelang:

1. Ms. Mahalefele Polo


2. Mr. Mofokeng Mpuli Elias
3. Mr. Molotsi Maele
4. Dr. Phuroe Marotole Richard
5. Ms. Seane Mamaipato
6. Mrs. Skosana Masabata
7. Dr. Joseph Maleke Sethabela

2
This content may not be sold or used for commercial purposes.

Curriculum and Assessment Policy Statement (CAPS) Grade 12 SeSotho Home


Language Mind the Gap study guide for the Poetry: Melodi ya thothokiso by DJM
Ngcanga.

This publication has a Creative Commons Attribution Noncommercial Sharealike Licence.


You can use, modify, upload, download, and share content, but you must acknowledge
the Department of Basic Education, the authors and contributors. If you make any changes
to the content you must send the changes to the Department of Basic Education. This
content may not be sold or used for commercial purposes. For more information about the
terms of the license please see: http://creativecommons.org/licenses/by-nc-sa/3.0/.

Copyright © Department of Basic Education


2019 222 Struben Street, Pretoria, South
Africa
Contact person: Ms C. Weston
Email: Weston.C@dbe.gov.za
Tel: (012) 357 4183
http://www.education.gov.za
Call Centre: 0800202933

Acknowledgements
The extracts from the Poetry in this study guide are from Melodi ya thothokiso by
DJM Ngcanga.

Mind the Gap Team


Senior Project Leaders: Dr S. Malapile, Ms C Weston
Production co-ordinators:
B. Monyaki, B. Ras, M. Phonela, M. Nematangari
Authors: P. Mahalefele, JM Sethabela, PR Phuroe, M. Seane, ME Mofokeng, ME Skosana, B.M Molotsi

Designer: Page82
Onsite writers’ workshop support:
J. Mphidi, V. Magelegeda, P. Hlabiwa, R. Maboye, N. Malope
Ministerial Foreword
The Department of Basic Education remains steadfastly committed
to innovative strategies aimed at enhancing learner attainment.
Consistent with the government’s commitment in promoting the
indigenous languages that form the tapestry of our democratic
landscape, this Mind the Gap Self study guide is a concrete
demonstration of this commitment.

African Home Languages focusing on the novel genre at this stage.


Not only does the study guide incorporate the African languages, but
it also incorporates South African Sign Language Home Language,
Afrikaans Home Language and English First Additional Language.

The Mind the Gap Literature Self Study Guide is responding to the
broader sectoral reading challenges that the country is experiencing.
It seeks to strengthen the following strands of the National Reading
Sector Plan: Teacher Development and Support; Direct Learner
Support; and Provisioning and Utilisation of the Learning and
Teaching Support Materials. Its interactive nature will make it easier Matsie Angelina Motshekga, MP
for both teachers and learners to read, to learn or study. It is hoped Minister of Basic Education

that through this Study Guide, the reading and learning outcomes
will be achieved.

and examples of the types of questions as a learner you may expect


to be asked in an examination, are included in this study guide. In

responses forms part of the study guide package.

The study guide is designed to appeal to any learner offering Grade


12, whether as a part-time or a full-time candidate. Educators in the

Every learner is a national asset, all you need now is to put in the
hours required to prepare for the examinations and excel!
We wish each and every one of you good luck and success.

MRS AM MOTSHEKGA, MP
MINISTER
DATE: 14 NOVEMBER 2019
TAFOLE YA DIKAHARE

Dikgaolo Dikahare Leqh


1.1 Ditumediso ho moithuti wa Kereiti ya 12 7
1.2 Bukaneng ena ya tataiso o tla fumana tse latelang 7
1.3 Pele o ngola tlhahlobo 7
1.4 Ka letsatsi la tlhahlobo 7
1.5 Tsela eo dipotso di ralwang kateng 8
1.6 Tlotlontswe kapa tlhaloso tsa mantswe a sebediswang dipotsong 10
2. Manollo ya thothokiso 10
3. Mefuta ya dithothokiso 11
4. Makgetha/ Mareo a bothothokisi le ditlhaloso 12 - 18
5. Thothokiso ya 1: HA SE LEFA: T.M Lethota 19
5.1 Kgutsufatso ya thothokiso 19
5.2 Manollo ya thothokiso 19
5.2.1 Tlhaloso ya sehlooho 20
5.2.2 Mofuta wa thothokiso 20
5.2.3 Mola wa thothokiso 20
5.2.4 Manollo ya mola ka mola 21
5.2.5 Sehalo le maikutlo 21
5.2.6 Mookotaba le molaetsa 22
5.2.7 Tlotlontswe 22
5.2.8 Dipotso le dikarabo 22 - 23
6. Thothokiso ya 2: DIKANO: J.M Nkutha 24
6.1 Kgutsufatso ya thothokiso 25
6.2 25
6.2.1 Tlhaloso ya sehlooho 25
6.2.2 Mofuta wa thothokiso 25
6.2.3 Mola wa thothokiso 25
6.2.4 Manollo ya mola ka mola 26
6.2.5 Sehalo le maikutlo 26
6.2.6 Mookotaba le molaetsa 26
6.2.7 Tlotlontswe 26
6.2.8 Dipotso le dikarabo 27
7 Thothokiso ya 3: O WA KA KE WA HAO:KPD Maphalla 28
7.1 Kgutsufatso ya thothokiso 29
7.2 Manollo ya thothokiso 29
7.2.1 Tlhaloso ya sehlooho 29
7.2.2 Mofuta wa thothokiso 29
7.2.3 Mola wa thothokiso 29
7.2.4 Manollo ya mola ka mola 30
7.2.5 Sehalo le maikutlo 31
7.2.6 Mookotaba le molaetsa 31
7.2.7 Tlotlontswe 31
7.2.8 Dipotso le dikarabo 31

3
8. Thothokiso ya 4: RATO LA KA: KPD Maphalla 33
8.1 Kgutsufatso ya thothokiso 34
8.2 Manollo ya thothokiso 34
8.2.1 Tlhaloso ya sehlooho 34
8.2.2 Mofuta wa thothokiso 34
8.2.3 Mola wa thothokiso 35
8.2.4 Manollo ya mola ka mola 35
8.2.5 Sehalo le maikutlo 36
8.2.6 Mookotaba le molaetsa 36
8.2.7 Tlotlontswe 36
8.2.8 Dipotso le dikarabo 37
9. Thothokiso ya 5: KE LLA LE WENA: MT Lekitlane 38
9.1 Kgutsufatso ya thothokiso 38
9.2 Manollo ya thothokiso 38
9.2.1 Tlhaloso ya sehlooho 38
9.2.2 Mofuta wa thothokiso 38
9.2.3 Mola wa thothokiso 38
9.2.4 Manollo ya mola ka mola 39
9.2.5 Sehalo le maikutlo 40
9.2.6 Mookotaba le molaetsa 40
9.2.7 Tlotlontswe 40
9.2.8 Dipotso le dikarabo 41
10. Thothokiso ya 6: BALA MAHLOHONOLO: KPD Maphalla 42
10.1 Kgutsufatso ya thothokiso 43
10.2 Manollo ya thothokiso 43
10.2.1 Tlhaloso ya sehlooho 43
10.2.2 Mofuta wa thothokiso 43
10.2.3 Mola wa thothokiso 43
10.2.4 Manollo ya mola ka mola 43
10.2.5 Sehalo le maikutlo 45
10.2.6 Mookotaba le molaetsa 46
10.2.7 Tlotlontswe 46
10.2.8 Dipotso le dikarabo 47
11 Thothokiso ya 7: BA ILENG BA ILE:JG Mocoancoeng 48
11.1 Kgutsufatso ya thothokiso 49
11.2 Manollo ya thothokiso 49
11.2.1 Tlhaloso ya sehlooho 49
11.2.2 Mofuta wa thothokiso 49
11.2.3 Mola wa thothokiso 49
11.2.4 Manollo ya mola ka mola 49
11.2.5 Sehalo le maikutlo 50
11.2.6 Mookotaba le molaetsa 50
11.2.7 Tlotlontswe 50
11.2.8 Dipotso le dikarabo 51

4
12. Thothokiso ya 8: KGOMO TSA BOHADI: H Mokati 52
12.1 Kgutsufatso ya thothokiso 52
12.2 Manollo ya thothokiso 52
12.2.1 Tlhaloso ya sehlooho 52
12.2.2 Mofuta wa thothokiso 53
12.2.3 Mola wa thothokiso 53
12.2.4 Manollo ya mola ka mola 53
12.2.5 Sehalo le maikutlo 54
12.2.6 Mookotaba le molaetsa 54
12.2.7 Tlotlontswe 54
12.2.8 Dipotso le dikarabo 55
13. Thothokiso ya 9: EXODA:JG Mocoancoeng 56
13.1 Kgutsufatso ya thothokiso 56
13.2 Manollo ya thothokiso 57
13.2.1 Tlhaloso ya sehlooho 57
13.2.2 Mofuta wa thothokiso 57
13.2.3 Mola wa thothokiso 57
13.2.4 Manollo ya mola ka mola 57
13.2.5 Sehalo le maikutlo 60
13.2.6 Mookotaba le molaetsa 61
13.2.7 Tlotlontswe 61
13.2.8 Dipotso le dikarabo 61
14. Thothokiso ya 10: KE NE NKA BALEHELA KAE:KPD Maphalla 63
14.1 Kgutsufatso ya thothokiso 64
14.2 Manollo ya thothokiso 64
14.2.1 Tlhaloso ya sehlooho 64
14.2.2 Mofuta wa thothokiso 64
14.2.3 Mola wa thothokiso 64
14.2.4 Manollo ya mola ka mola 65
14.2.5 Sehalo le maikutlo 66
14.2.6 Mookotaba le molaetsa 66
14.2.7 Tlotlontswe 66
14.2.8 Dipotso le dikarabo 66
15. Thothokiso ya 11: YA MOHAU MOTHO:MT Lekitlane 68
15.1 Kgutsufatso ya thothokiso 69
15.2 Manollo ya thothokiso 69
15.2.1 Tlhaloso ya sehlooho 69
15.2.2 Mofuta wa thothokiso 69
15.2.3 Mola wa thothokiso 69
15.2.4 Manollo ya mola ka mola 69
15.2.5 Sehalo le maikutlo 69
15.2.6 Mookotaba le molaetsa 71
15.2.7 Tlotlontswe 71
15.2.8 Dipotso le dikarabo 71

5
16. Thothokiso ya 12: SE IKGANTSHE: TJ mahapa 73
16.1 Kgutsufatso ya thothokiso 73
16.2 Manollo ya thothokiso 74
16.2.1 Tlhaloso ya sehlooho 74
16.2.2 Mofuta wa thothokiso 74
16.2.3 Mola wa thothokiso 74
16.2.4 Manollo ya mola ka mola 74
16.2.5 Sehalo le maikutlo 75
16.2.6 Mookotaba le molaetsa 76
16.2.7 Tlotlontswe 76
16.2.8 Dipotso le dikarabo 76
17. Mehlodi 7

6
1.1. DUMELA MOITHUTI YA RATEHANG WA KEREITI YA 12

Re elelletswe hore manollo ya dithothokiso ke tshita e kgolo ho lona, kaha ba bangata ba lona ha le
arabe potso ho ya kamoo ho lebelletsweng kateng. Tshita ena e etsa hore boholo ba lona bo se ipabole
pampiring ya bobedi. Lefapha la Thuto ha le kgotsofatswe ke taba ena. Ke ka hoo le tlang ka lewa lena
la ho le tataisa e le tsela ya ho hlaola lehola le teng mokgweng oo le ithutang dingolwa ka wona, haholo
dithothokisong. Tataiso ena ke lewa le leng la ho rarolla bothata bona, le ho etsa hore le be le tsebo e
batsi ya ho ithuta le ho manolla thothokiso.
Jwale, o eletswa hore o iphe nako ya ho bala dithothokiso tseo le di kgethetsweng lemong sena hore o
be le kutlwisiso e tebileng ya tsona.

1.2. BUKANENG ENA YA TATAISO O TLA FUMANA TSE LATELANG:

• Tsela e nepahetseng ya ho ithuta ho manolla thothokiso.


• Makgetha a dithothokiso.
• Manollo ya thothokiso ka nngwe.
• Qetellong o tla fuwa mesebetsi ya boikwetliso o be o itshwaye.

1.3. PELE O NGOLA TLHAHLOBO O KA ITOKISA KA DITSELA TSENA TSE LATELANG:

• Arola mosebetsi wa hao ka dikotwana tseo o tla kgona ho di etsa. Hona ho tla o thusa ho
tsepamisa maikutlo a hao hantle sekotwaneng ka seng.
• Hlokomela hore o ba le nako ya ho phomola ha o ntse o sebetsa.
• Etsa bonnete ba hore o hlophisitse disebediswa tsa hao kaofela tse kang: dipene, dipensele,
pampiri, kgalase ya metsi pele o qala ho bala.
• Itshepe ho seo o se etsang.
• Kelello ya hao e sebetsa hantle ha o sebedisa mebala e fapaneng ya dipene. Leka ho e sebedisa
moo ho hlokehang teng.
• Ho boeletsa mosebetsi ho thusa haholo hore o kgone ho hopola seo o ithutileng sona.
• Thusana le baithutimmoho le wena.
• Ho a hlokeha hore o balle hodimo seo o ithutang sona hore o kgone ho se utlwisa hantle.
• Ho molemo ho ipha nako e lekaneng ya ho robala.
• Ho ja dijo tse ahang mmele le ho nwa metsi a mangata ho thusa hore kelello ya hao e dule e le
tjhatsi.

1.4. KA LETSATSI LA TLHAHLOBO

• Tsoha ka meso ho ikgopotsa le ho okola dintlha tse bohlokwa tsa dithothokiso.


• Etsa mekgwaritso nakong eo o ntseng ho ikgopotsa dintlha tse mabapi le dithothokiso.
• Imamele hantle hore o tle o kgone ho shebana le pampiri eo o tlang ho e ngola.
• Fihla ka nako ho qoba ho ferekana nakong eo o tlang ho ngola ka yona.
• Se dumelle metswalle ho o ferekanya ka ho o tlisetsa tsebo e ntjha.
• Bala ditaelo ka hloko.
• Kgetha le ho badisisa dipotso ka kutlwisiso pele o ka qala ho araba.

7
• Qoba ho ipherekanya ka ho sheba moithutimmoho e mong ya seng a qadile ho ngola. Nka
nako ya hao ho etsa kgetho e nepahetseng.
• Ho bohlokwa ho sheba matshwao a potso ka nngwe le ho sebedisa nako e lekanyeditsweng
hore o kgone ho lekola (sheba) dikarabo tsa hao hape.
• Ela hloko hore ho na le mefuta e mmedi ya dipotso dithothokisong e leng, dipotso tse
kgutshwane le ya moqoqo/e telele. Dipotsong tse kgutshwane o tla fuwa diqotso tsa
dithothokiso, ebe o lebelletswe ho araba dipotso tse tshetlehilweng ho diqotso tseo.
• Potso ya moqoqo/e telele ya dithothokiso e hloka moqoqo o phethahetseng wa bolelele ba
mantswe a 250- 300. Moqoqo ona o lebelletswe hore o be le Selelekela, Mmele le Qetelo.

1.5 TSELA EO DIPOTSO DI RALWANG KA YONA

Moithuti ela hloko hore dipotso di ralwa ho ya ka dikgato tsa boiphihlello tsa tekanyetso
e leng tsena tse latelang:

DIKGATO TSA MANTSWE SE LEBELETSWENG KE PERESENT


BOIPHIHLELLO BAHLAHLOBI E YA
MOSEBETS
I
Potso tse Bolela dintho/batho/dibaka/matshwao Kutlwisiso ya hao ya
totobetseng Hlahisa dintlha/mabaka/mehopolo dithothokiso. O tshwanetse
kapa tse Fana ka setshwantsho/mabalankwe a… ho hlwaye tlhahisoleseding e
otlolohileng. Hlwaya mabaka/batho/sesosa… hlahang dithothokisong
Lokodisa dintlha/mabitso/mabaka… hantle.
(Kgato ya 1) Hlalosa tulo/motho/mophetwa
Pheta ketsahalo/se ileng sa hlaha/se
hlahetseng…
Bokanya matshwao a tshwanang a…
Hlahisa ho tshwana/ ho fapana ha…
Potso tse Hlalosa sesosa/sephetho sa… Supa bokgoni ba hao ba ho
hlokang Kgutsufatsa hlophisa tlhahisoleseding Kgato ya
hlophiso Hlophisa/hlopha dithothokisong, Mohlala, ho 1 le 2:
botjha Bokanya matshwao a tshwanang a… ka lebellwa hore o etse 40%
Hlahisa ho tshwana/ho fapana/ kgutsufatso o hlahisa dintlha
(Kgato ya 2) Akaretsa dintlha/mehopolo ya sehlooho/ tsa sehlooho, o hlahisa
bolela melemo/bobe ba… ditshwano le ho se tshwane
pakeng tsa baphetwa.
Fana ka setshwantsho/ mabalankwe a..
Potso tse Hlalosa sepheo/tjhadimo/tsotello/lebaka la Supa bokgoni ba hao ba ho
hlokang mongodi/sebapadi/mophetwa ke sefe… fana ka tlhahisoleseding e
kakanyo akantsweng dithothokisong; o
Bapisa - na o utlwisisang ka papiso/ sebedisa tsebo ya hao ya
(Kgato ya 3) tshwantshiso/karaburetso mehopolo/ dithothokiso. Hona ho ka
ditjhadimo/diketsahalo… kenyelletsa hore na dikarolo Kgato ya
ketsahalo/puo/tlhahiso e itseng e senola eng tsa puo di ka ama kutlwisiso 3: 40%
ka mopheti/mongodi/mophetwa… ya hao jwang ya dithothokiso,
Hobaneng ha o hlalosa mookotaba.
Jwang
Hlalosa …jwang
Bolela … jwang
Kgetha
Qetella, Qotsa

8
Potso tse Sekaseka/ qoqa/seholla/tsenkolla ketsahalo/ Bokgoni ba hao ba ho
hlokang sepheo/mabaka/tjhadimo, tshusumetso ahlola dikarolo tse itseng
tekolo/ O nahana hore se se etsahetseng se tsa dithothokiso, ebe o
tlhahlobo le bohlokwa/ se a kgoleha/se ka etsahala…? fana ka maikutlo a hao o
ho etsa Na kgang e hlahiswang ke sethothokisi/sebui itshetlehile
kahlolo e a utlwahala/e a amoheleha/ke yona qeto tlhahisoleseding eo o e
ya ditaba…? fumaneng dithothokisong.
(kgato ya 4) O dumellana le Mohlala: o ka botswa hore
mohopolo/polelo/tlhahiso/moelelo… na o dumellana le polelo e
Ka maikutlo/ tjhebo ya hao ka sethothokisi itseng kapa o tshohle
se nepile ha se hatella hore… ( tshehetsa maikemisetso a
karabo ya hao/ fana ka mabaka a karabo ya sethothokisi ketsong e
hao) itseng.
Na boitshwaro/tjhadimo/ketso ya
sethothokisi e a amoheleha ho wena? Fana
ka lebaka la karabo ya hao.
Na diketsahalo/tjhadimo/puo/ditabatabelo tsa
sethothokisi di senola eng ka botho ba hae,
ho tadimilwe bophelo ka kakaretso?
Sekaseka/ hlalosa makgabane a hlahellang
temeng.
Potso tse Ananela Supa bokgoni ba ho araba
hlokang ho O ka etsa jwang? dipotso tse itshetlehileng Kgato ya 4
etsa O ka ikutlwa jwang? ho dithothokisong, le le 5: 20%
kananelo. Tshohla karabelo ya hao. mokgwa oo maikutlo a
sethothokisi a ka
(kgato ya 5) hlahiswang kateng.
Mohlala; O ka botswa
hore o nahana hore
maikutlo a sethothokisi a
hlahisitswe jwang
dithothokisong. O ka
botswa hore na setaele sa
sethothokisi se thusitse
jwang ho hlalosa maikutlo
a baphetwa.

9
1.6. TLOTLONTSWE KAPA TLHALOSO YA MANTSWE A SEBEDISWANG DIPOTSONG

LENTSWE TLHALOSETSO
Lekola O sheba qotso, seratshwana kapa tema ka kelohloko le kutlwisiso.

Hlahloba O tsepamisa maikutlo qotsong, seratswaneng kapa temeng hore o


kgone ho hlwaya dipha le dintle tse fuperweng.

Sekaseka O tsenkolla qotso, seratshwana kapa tema hore o hlakise dikarolo


tse itseng.

Tshohla O qoqa ka qotso, seratshwana, kapa tema ka botebo hore o hlakise


dikarolo tse itseng.

Ho ntsha/fana ka maikutlo O fana ka maikutlo a hae mabapi le seo a se botswang.

O dumellana le se itseng O fana ka maikutlo a dumellanang kapa a tiisang seo o botswang ka


sona.

O hanana le se itseng O fana ka maikutlo a hananang kapa a phehisang seo o botswang


ka sona.

Akaretsa O fana ka kgutsufatso ya dintlha tsa bohlokwa tsa seo o botsitsweng


ka sona.

Ho una Ho fumana/kgola molemo o itseng.

Ho qholotsa Ho tsosa/hlahisa

Mohopolo wa sehlooho Ke tabataba/mooko wa seo ho buuwang ka sona

Mohopolo o tshehetsang Ke tajana e tshehetsang tabataba /mooko wa seo ho buuwang ka


sona

2. MANOLLO YA DITHOTHOKISO
2.1 Tsela e nepahetseng ya ho ithuta ho manolla thothokiso.
Ela hloko hore tataiso ena e latelang e akaretsa ho ithuta dithothokiso tsohle
• Bala thothokiso makgetlo a mabedi kapa a mararo.
• Sehella mantswe a thata mola o be o fumane ditlhaloso tsa ona hobane tlhaloso ya mantswe e
bohlokwa haholo hore o utlwisise thothokiso.
• Mantswe a itseng/maele kapa maelana, ao o sa a utlwisiseng a ka o sitisa ho utlwisisa
thothokiso yohle.
• Kgutsufatsa temanathothokiso ka nngwe ka mantswe a hao.
• Hlwaya mohopolo wa sehlooho wa temanathothokiso ka nngwe.
• Jwale he o ka manolla thothokiso o ya ka makgabane a bothothokisi (Bonono ba bothothokisi)
a hlahellang thothokisong eo o sebetsanang le yona.
• Se lebale bohlokwa/sepheo sa makgabane a bothothokisi (Bonono ba bothothokisi).

10
3. MEFUTA YA DITHOTHOKISO

MOFUTA TLHALOSO

Lekodilo • Ke thothothokiso e kgutshwane.


• Hangata e ngolwa ho tswa lehlakoreng la mmui.
• Ho utlwahatswa maikutlo kapa mohopolo kapa ho hlalosa pono e itseng.
• Hangata e ka re pinanyana.
Sonete • Ke thothokiso e mela e leshome le metso e mene (14), mme e na le raeme
e itseng.
• Mela e qalang e 8 e bua se itseng mme e 6 ya ho qetella e hanyetsana le
se buuwang ke mela e 8 e ka hodimo.
Tokodiso • Ke thothokiso eo ho yona ho lokodiswang se itseng, e ka ba tse mpe kapa
tse ntle – re ka re ho phetwa pale.
• Se phetwang (ho kang pale) se phetwa ka tlhahlamano ya kamoo se
etsahetseng kateng.
• Ho dithothokiso tse ding, mofuta ona o ka ba le baphetwa le poloto.
Tomatso • Mofuteng ona wa thothokiso, eka sethothokisi se a rorisa athe se a phoqa.
E fupere lenyatso le tsamayang le sesomo.
• Sethothokisi se nyatsa ka tsela ya ho soma; sepheo ke ho kgalema ho
itseng.
Kodiamalla • Ke thothokiso eo ho yona sethothokisi se llang ka lebaka la ho utlwiswa
bohloko ke lefu la eo se neng se mo rata haholo, mme se theola menyepetsi
le ho utlwahatsa mefehelo ya sona.
Thothokiso ya • Ke mofuta wa thothokiso e ngolwang ke dithothokisi tsa moraorao tjena
sejwalejwale moo teng ba thoholetswang bahlabani ba kajeno e leng bahlabani ba thuto,
ba kelello le diketso tse ntshetsang setjhaba pele. Dithothokisi tsa kgale
tsona, hangata di ne di thoholetsa bahlabani ba dintwa.
Thothokiso ya • Thothokisong ena sethothokisi se fana ka thuto kapa keletso e itseng.
thuto
Thothokiso ya • Ke mofuta wa thothokiso oo ka ona sethothokisi se tletlebang kapa se
boitseko itsekang ka ho hong ho itseng. Se ka tletleba se tseka ditokelo tsa sona tse
itseng.
Thothokiso e • Ke mofuta wa thothokiso oo ka ona sethothokisi se hlalosang se itseng
hlalosang hantle ka tsela e bopelang mmadi setshwantsho sa seo ho buuwang ka
sona. Ka tsela ena sethothokisi se sebedisa karaburetso haholo.

11
4. MAKGETHA/ MAREO A BOTHOTHOKISI LE DITLHALOSO

Ya yang ntweng o
lokela ho ikatela ka
dihlomo tse
nepahetseng!

MAKGETHA/ DITLHALOSO
MAREO A
DINGOLWA
Moelelo o • Ke moelelo o pepeneneng feela kapa o otlolohileng, o sa pateng letho.
totobetseng
Moelelo o • Mantswe kapa dipolelo di sebedisitswe ka tsela eo e seng ya setlwaedi e le ha
patehileng ho habilwe ho fihlela sepheo se itseng. Dithothokisong ho sebediswa puo ya
bonono kapa moelelo o patehileng. Maele le maelana a fupere mofuta ona wa
moelelo. Sheba hape le tlhaloso ya dikapuo e tla latela ha moraonyana.
Maikutlo • Ka maikutlo ho bolelwa se maikutlong a mmadi, se qholotswang ke seo a se
balang thothokisong. E ka ba maikutlo a thabo, a ho sithabela/tetebela, a ho
tshoha, a ho makala, a lerato, a ho hlokofala, a ho nyakalla a ho tsitsipana jj
Sehalo • Sehalo ke maikutlo kapa tjhadimo ya sethothokisi malebana le seo se ngolang
ka sona thothokisong. Sehalo se ikutlwahatsa ka mantswe ao sethothokisi se
a sebedisang, a supang kgalefo e kopantseng tlhokofalo, thabo e akgang
motlae, a bontshang tomatso, a bontshang pelaelo, a tshehisang, a nang le
lenyatso, a bontshang boikgohomoso jj
Mookotaba • Mookotaba ke mohopolo wa sehlooho temanathothokisong kapa thothokisong
kaofela.
Molaetsa • Ke thuto kapa keletso e fuperweng ke thothokiso.
Karaburetso • Ke mantswe, dipolelwana le dipolelo tse bopang ditshwantsho ka mehopolong
ya babadi. Ke dipolelo tse amang ditho tsa kutlo ka tsela e itseng. Mohlala re
na le karaburetso ya pono, ya kutlo, ya phofonelo, ya tatso, ya kamo le ya
motsamao wa mmele e leng tse re bopelang mefuta e fapaneng ya
karaburetso.
Dikapuo/ • Ke puo ya bonono e sebediswang dithothokisong ka tsela e sa tlwaelehang, e
Mekgabisopuo phephetsang kelello ho fihlella sepheo se itseng. Puo ya bonono ka nako e
nngwe e bitswa puo ya “ditshwantsho” hobane e bopa setshwantsho ka
monahanong wa mmadi. Maele le maelana a fupere mofuta ona wa moelelo.
Sheba hape le tlhaloso ya dikapuo e tla latela ha moraonyana.
Tse ding tsa dikapuo ke tse latelang:
• Kganyetsano, papiso, tshwantshiso, seemela/ phetolabitso, Leetsisa,
mothofatso, thehello, kobiso, tatolano, pheteletso, tatolano, tomatso, tshehiso,
phoqo/tomatso, mothipoloho, tshwaofatso, pebofatso, lepata, tarakanyo,
phelephanyetso.

12
Mothofatso • Ho mothofatso se se nang bophelo ho buuwa ka sona jwalo kaha eka se a
phela. Ha ho buuwe le sona. Mohlala, A fihla katiba e re o ne o mpeile kae?
Apostrofi • Ho apostrofi, se se nang bophelo ho buuwa le sona, athe ho mothofatsa ho
buuwa ka sona. Mohlala: Mokgathala towe ekaba o nkutlwang?

Papiso • Mona ho bapiswa dintho tse sa tshwaneng ka botlalo. Tshwano e ka ba


ntlheng e le nngwe, mme ho sebediswa mantswe a kang jwalo ka, seka, tjena
ka, sa, la, ba, eka jj.
Mohlala: ‘Mosele ditlhodisanong o bua jwalo ka ntate Mandela.’
Tshwantshiso • Ho tshwantshiso ho rehellwa motho ka se itseng. Tshwantshisong ha ho
sebediswe mantswe a kang jwalo ka, seka, tjena ka, sa, la, ba, eka jj. Ho
rehellwa motho ka ho otloloha.
Mohlala ‘Tefo ke nare ntweng’.
Pebofatso/ • Ho pebofatso ho sebediswa mantswe a bobebe bakeng sa a boima, a hlabang
Pebolo ha bohloko.

Mohlala:Diau o kganna dinku kajeno (bakeng sa ho re o tahilwe)


Pheteletso • Ke ha ketsahalo kapa ntho e feteletswa ka boomo, ka ho e nyenyefatsa haholo
kapa ho e hodisa haholo ka sepheo sa ho matlafatsa seo ho buuwang ka sona.

Mohlala: Letsatsi la monongwaha le tjhesa le mawatle.


Lepata • Mona sethothokisi se sebedisa mantswe a hanyetsang/latolang ka sepheo sa
ho matlafatsa seo se buang ka sona.
Mohlala: Ruri ha ke a kgathala le kgale! Mantswe ana; ‘ha ke a’ ekare a a hana
kapa a a latola athe a hlile a tiisa ntlha ya hore o hlile o kgathetse e le ka nnete.
Komelo • Mona sethothokisi ha se bolele se itseng ka botlalo, empa se se omela feela
ka tshepo ya hore mmadi o tla se elellwa, mme a se amanye le sena seo ho
buuwang ka sona.

Mohlala: Kgoba ke kgabo ya role le lefubedi


Role le lefubedu la mohla monene

Mona sethothokisi se omela diketsahalo tsa lerole le lefubedu la selemo sa 1933


ka kutlwisiso ya hore mmadi o tseba ka diketsahalo tsa selemo seo. Ke ka hona
a sebedisang mantswe a reng ‘mohla monene’.
Mothipoloho • Mona ho hlophiswa kapa ho buuwa ka dintho ka tlhahlamano ya tsona e
qalang ka tse kgolo, e theohele tlase ho tse fokolang/nyane.

Mohlala: Dira di bolaile marena, bahale le bafo.


Sehlohlolo • Mona ho hlophiswa dintho ka tlhahlamano ya tsona e qalang ka tse nyane e
nyolohele hodimo ho tse kgolo.

Mohlala: Dira di bolaile bafo, bahale le marena.


Kganyetsano • Ke ha ho hlahiswa mehopolo e mmedi e hanyetsanang, e atamelaneng
melathothokisong kapa meleng e hlahlamanang.

Mohlala: Ekare ha o etsa hantle,


Sefahleho sa hao se sosobanetseng?

13
Tatolano • Ke ha ho sebediswa mantswe a mabedi a latolanang ho hlakisa se itseng.

Mohlala: Sefefo sena se entse lefifi la motsheare


Hara banna ke ya marapo a bonolonolo
Tomatso • Mona sethothokisi se tshwaya phoso ka ho kgalema kapa ho nyatsa diketso
tse itseng, tse sa amoheleheng setjhabeng ka ho sebedisa phoqo, nyatso,
kobiso kapa tshehiso e nyefolang.

Mohlala: Majakane le batlang keiting ya dihele hoba le lokile?


Phetolabitso/ • Mona sethothokisi se sebedisa kamano ya lebitso kapa lentswe le ntho e
Seemela amanang le lona ka tlwaelo. Ho sebediswa lebitso le emetseng se bolelwang
ho e na le hore ho sebediswe lebitso la ntho eo la mantlha.

Mohlala: Pitsa e a bela.


Hantlentle ho belang ke metsi a ka hara pitsa e seng pitsa ka boyona.
Phelephanyetso Mona sethothokisi se bapala ka mantswe a tshwanang ka modumo ka sepheo sa
ho qabola. Sekapuong sena ho sebediswa lentswe le ka bang le meelelo e mmedi
e fapaneng, mme se tlisa phelephanyetso ho eo puo e lebisitsweng ho yena.
Sepheo ka ho sebedisa sekapuo sena e ka ba ho qabola kapa ho hakanya ho
itseng.

Mohlala: Pule: Ke nka hlama.


Thakane: Esale ke o bona hore o Nkahlama. (Dipale le Metlae, JJ.
Moilwa)
Mohlala: Esale ke o emela mona athe wena o ithomme.
Thehello Mona sethothokisi se sebedisa lentswe le emelang leloko kapa sehlopha se
itseng.
Mohlala, ha ho thwe: “O re fe kajeno bohobe ba tsatsi le leng le le leng,” bohobe
ke lentswe le emelang leloko la dijo. Jwale ebe tsohle tse welang sehlopheng sa
dijo di rehellwa ka bohobe.

Leetsisa Mona sethothokisi se sebedisa lentswe le etsang modumo, mme le thusa ka ho


utlwahatsa modumo o tshwanang le wa ketso e bolelwang.

Mohlala: Keteu! Keteu! Keteu! Ke tshepe ya kereke e bitsa majakane.


Kobiso Mona sethothokisi se sebedisa lentswe le kgahlano le se bolelwang.
Mohlala: Kgele a tla a kgothala he ngwana hao! (Bonnete ba taba ke hore ya
bolelwang o botswa haholo)
Tshwaofatso Mona sethothokisi se sebedisa mantswe a itseng a tsamaellanang le ho tshwana
le seo ho buang ka sona.
Mohlala: Diolo tse ngata tse motopo,
Mahlabatheng kwana Sahara,
Diolo tseo ho buuwang ka tsona di tshwaofatsa mabitla a bahale ba Afrika Borwa
ba ileng ba shwella Ntweng ya II (Bobedi) ya lefatshe kwana mahwatateng a
Sahara.

14
Tarakanyo Mona sethothokisi se sebedisa mantswe ka tsela eo o ka bang wa re ho teng
kganyetsano e itseng empa ha o badisisa o elellwa hore ehlile ha ho jwalo.

Mohlala: Katana tsa ngwanenwa ke kgauta.


Ho a makatsa hore dikatana di ka bapiswa le kgauta ka tsela e jwang athe kgauta
ke letlotlo mme dikatana ke ntho tsa ho lahlwa. Sena se bolela hore ngwana ya
lehlaswa o a senya. O bapala ka tjhelete jwalo kaha eka ke dikatana tsa ho
lahlwa.
Phetapheto Mona sethothokisi se sebedisa mawala a sebediswang ho leka ho natefisa le ho
matlafatsa puo ka ho phethapheta mantswe, dipolelo, dipolelwana kapa ditemana
tse tshwanang. Re na le mefuta e latelang ya phetapheto:

• Phetapheto ya mantswe ke ha ho phetwaphetwa mantswe a itseng


molathothokisong kapa melathothokisong e hlahlamanang.

• Thothokisong ya Exoda re na le phetapheto ya mantswe e rapameng e


fumanwang molathothokisong wa 17, 41 le wa 49. Yona e ralehile ka
mokgwa ona:

Mohlala: Molathothokisong wa 17: Thibang, thibang dihole tseo


Molathothokisong wa 41: Kanana, ahe, Kanana!
Molathothokiso wa 49: Le bine, le bine , MaAforika

• Phetapheto e nngwe ya mantswe ke eo re reng ke e tshekalletseng.


Mona lentswe le phetwa melathothokisong e mmedi e hlahlamanang
empa le se sebakeng se le seng melathothokisong eo.

Mohlala: Thothokisong ya ‘Bala mahlohonolo’ sethothokisi se re:


Bala mahlohonolo o lese dithohako, E.H
Dithohako ke ditlhapa ha di hole;

• Phethaphetho ya moelelo ke ha ho phetwa moelelo o le mong ka


mantswe a sa tshwaneng.

Mohlala: Thothokisong ya ‘Dikano’ sethothokisi se re:


Ka ikana ka ikenya mahlomoleng mathateng,
Ka ikenya tshotso dinaleng ho ee kgatello;

• Phetapheto ya sebopeho e fumanwa melathothokisong e mmedi e


hlahlamanang. Melathothokiso eo e ba le sebopeho se tshwanang kaha
ho sebedisitswe ditho tsa puo tse tshwanang ho yona. Mona ha ho buuwe
ka ho tshwana ha mantswe empa ka ho tshwana ha ditho tsa puo.

Mohlala: Thothokisong ya ‘Dikano’ sethothokisi se re:


A phaphatheha ho baballa pallo,
A phaphatheha ho phetha taelo,
Sebopeho sa melathothokiso ena e mmedi se bopilwe ka tshebediso ya lehokedi
la motho wa boraro (A), leetsi (phaphatheha), lehokaetsi (ho), leetsi
(baballa/phetha), lebitso (pallo/taelo).

15
Kgefutso/sejura Kgefutsohare ke letshwao (,) le sebediswang ka hara molathothokiso ka dipheyo
tse fapaneng. Sethothokisi se ka e sebedisa ho katla/ho kgina morethetho, ho
lekanya moelelo wa mantswe a arolwang ke yona le hona ho fana ka kgatello
kapa sefutho lentsweng.
Mohlala: O wa ka, ke wa hao
Wa hla wa rehwa Diabolose, Ramautla;
Mehlaleng ena e sebedisitswe ho lekanya moelelo wa mantswe ao e leng
dipakeng. Ka mantswe a mang, ‘O wa ka le ke wa hao’ e bolela feela hore re ntho
e le nngwe. Mohlaleng wa bobedi Diabolose le Ramautla di bolela ntho e le nngwe
feela ‘satane’.
Lebotsi Lebotsi ke letshwao la potso (?) leo sethothokisi se le sebediswang ho bontsha
maikutlo a ho makala, ho tletleba le ho belaela. Ha e le hantle sethothokisi se
ipotsa potso eo se ntseng se tseba karabo ya yona.
Mohlala: Jo! Ngwaneso,
Ha o ne o le siyo,
Ke ne nka thuswa ke mang?

Enjambement/ Ke bokgabo boo ho bona ho se nang letshwao la ho bala qetellong ya


molathothokiso. Sepheo sa ho e sebedisa ke ho bontsha kgokahano ya
molamotjetje melathothokiso eo e mmedi. Ka mantswe a mang ho bolelwa hore
ditaba/mohopolo oo ho buuwang ka wona molathothokisong o ka hodimo, o tla
fella ho o latelang.
Mohlala: O nkeleditse jwalo Molakolako
Kgabane yane ya ho eletsa ditjhaba;
Mohlala: Ha o a peretlisa a hola haholo
Hosane o qetelle ho se o sa bone tsela.
Anastrofi Anastrofi ke ho fetolwa ha tatellano e tlwaelehile ya mantswe molathothokisong.
Sethothokisi se e sebedisa ho fana ka kgatello kapa tsepamiso ya maikutlo
mantsweng a tlositsweng sebakeng seo ho tlwaetsweng a sebediswa ho sona.
Mohlala: Basadi ka masokwana ba di toula.
Ka tlwaelo molathothokiso ona o baleha tjena:
Basadi ba di toula ka masokwana.
Ka hoo he, mantswe ana: ka masokwana, a tlositswe sebakeng sa ona sa tlwaelo.

16
Kgetho ya Mona re bua ka kgetho le tshebediso ya mantswe, a sa tlwaelehang le a
mantswe sebediswang ka sewelo ka morero wa ho hlakisa ntlha e itseng.
Mehlala ya kgetho ya mantswe ke ena e latelang:
Aptronime
Ke thehello ya lebitso ho ya ka diketso tsa eo ho buuwang ka yena thothokisong.
Mohlala: Mmadibwerane o ne a sa di hadikela ho di ja!
Lebitso Mmadiberwane le bolela motho ya buang ditaba tse mpe haholo a sa
kgaotse, a bile a sa mamele. Lebitso lena le tsamaellana le ho se hlomphe hoo a
ho bontshang ka nako tsohle ha a bua.
Mantswemakgohledi
Ke mantswe a atamelaneng ka moelelo le a mang empa ona a tshwanela hantle
moo a sebediswang teng. A kgohlela ha monatjana a bile a hlakisa le ho
matlafatsa seo ho buuwang ka sona.
Mohlala: A mo jwetsa diptjhamathe, a sala a maketse!
A mo jwetsa diptjhamathe, a sala a tshohile!
Lentswe lena ‘jwetsa’ le na le moelelo o boimanyana o kgohlelang hantle
maemong ana ho feta ha sebui se sebedisitse lentswe ‘bolella’
Lentswe lena ‘diptjhamathe’ le na le moelelo o tobileng, o fupereng meelelo e
mangata le le leng. Le kgohlela hantle maemong ana ho feta ha sebui se
sebedisitse mantswe ana, ‘dintho tse makatsang’
Khakhafoni
Ke tshebediso ya mantswe a etsang modumo o nyarosang.
Mohlala: Ba mo kgokgothela sefapanong mora Modimo. Ba mo kgakgatha!
Modumo o nyarosang wa ‘kg’ o sebediswa ha ho botjwa mantswe a kang
‘kgokgothela’ ‘kgama’ ‘kgakgatha’; ‘kgorohela’ o bopa karaburetso ya motsamao
wa mmele.
Mabitsohokwa/Mabitsomararane/Mantswemararane
Ke lentswe le bopilweng ka ditho tse pedi tsa puo tse kang ‘leetsi’ le ‘lebitso’ jj.
Mohlala: Leetsi + lebitso = modulasetulo

17
Tlohelo Tlohelo ke moo sethothokisi se tlohetseng lentswe lohle ho potlakisa morethetho
le ho ngotla molathothokiso.

Mohlala: O nkutlwe ke boledisa tseso tsa Taung,


Molathothokisong ona sethothokisi se tlohetse lentswe ‘dikgomo’.
Kgonyetso Ho kgonyetso ho honyetswa kapa ho fokotswa karolo e itseng ya lentswe, ka
sepheo sa ho tlisa kgatello/sefutho lentsweng leo. Hape kgonyetso e potlakisa
morethetho wa molathothokiso.

Mohlala: Role le lefubedu la mohla monene.


Mona ho honyeditswe ‘le’ ya lerole.
Lehlaso Lehlaso ke phetapheto ya mantswe sebakeng se itseng ka hara
temanathothokiso. Hangata lehlaso le atisa ho phetwa qetellong ya
temanathothokiso.

Mohlala: Bobedi re ba Modimo. (Thothokisong ya, ‘O wa ka, ke wa hao’)

O ele hloko hore lehlaso le etsa hore mohopolo oo ho buuwang ka wona o be le


sefutho, o be o dule kelellong ya mmadi ka lebaka la ho phetwaphetwa.
Lekgotsi Lekgotsi ke mokgabisopuo oo ho wona sethothokisi se kgotsang kapa se
babatsang se itseng. Se ka kgotsa hobane se maketse kapa se hlolletswe kapa
sa babatsa hobane se thabile se thoholetsa. Lekgotsi le iponahatsa ka letshwao
la makalo (!) molathothokisong.
Mohlala: Jo! Ngwaneso,
Ha o ne o le siyo,
Ke ne nka thuswa ke mang?
Mohlaleng wona lekgotsi le bontsha ho makala kapa hona ho hlollwa hobane a sa
tsebe hore o ne a ka thuswa ke mang ha eo wabo a ne a le siyo.

18
5. MANOLLO YA DITHOTHOKISO: MELODI YA DITHOTHOKISO
MMOKELLI: DJM NGCANGCA

5. THOTHOKISO YA 1: HA SE LEFA – TM Lethota

1 Ako thole re o bolelle shwahle,


2 Re o tsebise tse molemo ditaba,
3 Hosasa o tle o tshedise beno,
4 Ha ba tsetsela ha ba sa kgotsofala,
5 O ba jwetse ho lla ha se lefa.

6 Ha o sa ntse o phela ha monate,


7 O sa robala le mabotjhobotjhong,
8 O sa tola ha leshome ka letsatsi,
9 O ja dimenyemenye jo tsa barui,
10 O tsebe le hoo ha se lefa.

11 Ha o ikgantshetsa batho tshehlana,


O TSEBE BORUI HA SE
12 O bona e le bomankgwe dikgoshopa,
LEFA!
13 Le mohla fu la hao o nne o be jwalo,
14 Wena moruihadi wa ho reka bophelo,
15 Rona re a tseba ha se lefa.

16 Ha o sebeletswa o le molaedi,
17 Boteduputswa ba o thothomella,
18 Ba pitika lepoqong ha ba fositse,
19 Ba pitika ba phaphatha kgotso,
20 O tsebe borui ha se lefa.

21 Moreso tsona tseo dineo tsa hao,


22 Tse etsang o se rapele ka mehla,
23 Tse o sitisang ho lemoha ba bang.
24 Ba lebeletseng thuso ho wena,
25 Tseba hore le tsona ha se lefa.

5.1. Kgutsufatso ya thothokiso

Ka thothokiso ena sethothokisi se ruta le ho eletsa mmadi hore le ha a ka ba le tsohle lefatsheng, a nne
a hopole hore tseo tsohle ha se lefa hobane di ka nna tsa fela ka ho panya ha leihlo.
Temanathothokisong ya pele sethothokiso se laela ya buang haholo hore a ke a thole a mamele
dikeletso tsa bohlokwa. Se tswela pele ka ho bolella morui ya nang le tsohle hore le ha a ka robala
mabotjhobotjhong a ba a ja le dijo tse monate, feela a nne a tsebe hore le hoo e ntse e se lefa. Se kgutle
se eletse le morwetsana ya ikgantshetsang batho hore a hopole botle boo ba hae ha se lefa. Se mo
phoqa ka hore le ha a shwele a nne a ikgantshe jwalo.

19
Temanathothokisong ya bone sethothokisi se kgalemela batho bao e leng balaedi ba sebelletswang ke
boteduputswa mesebetsing ya bona hore ba se ke ba bapala ka boteduputswa bao hobane borui boo
ba bona bo ka nna ba fela.

Sethothokisi se dihela dikgala ka ho eletsa motho ya nang le dineo tsa ho etsa se itseng se mo sitisang
ho rapela ka mehla, le ho lemoha ba bang ba hlokang thuso ho yena hore le yona neo eo e ka moyafala
ya fela hobane ha se lefa.

5.2. Manollo ya thothokiso

5.2.1. Tlhaloso ya sehlooho


Sehlooho sa thothokiso ena ke ‘Ha se lefa’. Sehlooho sena se hlalosetsa motho hore a se ke a nkeha,
a ya le kgongwana hodimo ha a e na le se itseng, a akanya eka ha se sa tla fela le ka mohla o le mong.
O lokela ho dula a tseba hore ntho e nngwe le e nngwe e a fela kapa e fihla bokgutlong.

5.2.2. Mofuta wa thothokiso


Thothokiso ena ke ya mofuta wa Tomatso ebile e a ruta. Sethothokisi se ruta ka tsela ya ho phoqa le
ho eletsa batho ba ikgantshang hore ba tsebe hore seo ba nang le sona ha se lefa, se ka fela neng kapa
neng ka ho panya ha leihlo.

5.2.3. Mola wa thothokiso


Mela ya thothokiso ena e bopilwe ka dibetsa tsa bonono tse fapaneng. Dibetsa tsena di na le morero le
sepheo sa ho hatella le ho fana ka kutlwisiso e tebileng ya thothokiso.

5.2.4. Manollo ya mola ka mola

Phetapheto ya moelelo
• Melathothokisong ya 1 le 2 ho sebedisitswe phetapheto ya moelelo ka mantswe ana;
‘re o bolelle’ le ‘Re o tsebise’. Sepheo sa ho sebedisa phetapheto ena ke ho hlakisa
moelelo wa hore ya buang haholo a ke a thole a mamele mantswe a keletso a molemo.
• Molathothokisong wa 12 ho sebedisitswe phetapheto ya moelelo ka tshebediso ya mantswe
ana; ‘bomankgwe le dikgoshopa’. Sepheo ke ho hlakisa ntlha ya hore morwetsana o
ikgantshetsa batho hobane a nahana hore yena o motle mme bona ba babe.

Kgonyetso
• Molathothokisong wa 3 ho sebedisitswe kgonyetso lentsweng lena ‘beno’. Ka puo e
tlwaelehileng lentswe lena le ngolwa e le ‘ba heno’ empa mona sethothokisi se le sebedisitse
bakeng sa ho fokotsa bolelele ba molathothokiso le ho potlakisa morethetho wa thothokiso.
• Kgonyetso e boetse e sebedisitswe molathothokisong wa 13, ka tshebediso ya lentswe 'fu'. E
sebedisitswe ka sepheo sa ho fa lentswe 'fu' sefutho le ho matlafatsa ntlha ya hore le mohlang
morwetsana ya ikgantshetsang batho a hlokahetseng, a nne a ikgantshetse bona jwalo. Hape e
sebedisitswe ka sepheo sa ho fokotsa bolelele ba molathothokiso le ho potlakisa morethetho wa
molathothokiso.

Phetapheto ya mantswe e tsepameng


• Melathothokisong ya 7 le 8 ho sebedisitswe phetapheto ya mantswe e tsepameng ka mantswe
ana ‘O sa’. Sethothokisi se sebedisa phetapheto ya mantswe ho sidilella mohopolo wa hore ha
o sa ntse o etsa se itseng o nne o hopole hore le hoo ha se lefa. Phetapheto ena e bile e etsa
hore mantswe a nne a dume ditsebeng tsa mmadi.
• Phetapheto ena ya mantswe e tsepameng e boetse e hlahella melathothokisong ya 18 le 19 ka
tshebediso ya mantswe ‘Ba pitika’. Sepheo e ntse e le sona sa ho sidilella mohopolo wa ho pitika

20
le ho bopa karaburetso ya pono moo ekang re bona ha maqheku a itihela fatshe a itheta
lepoqong ha a entse phoso ka baka la ho tshaba molaedi wa enwa.

Pheteletso
• Molathothokisong wa 14 ho sebedisitswe pheteletso. Sethothokisi se fetelletsa kamoo
motho a iponang e le wa bohlokwa kateng ka tshebediso ya mantswe ‘Wena moruihadi wa
ho reka bophelo’. Ke phetheletso hobane leha motho a ka ba le tjhelete e ngata hakaakang,
a ke ke a kgona ho reka bophelo hobane ha bo taolong ya hae. Ha nako e
fihlile ya hore motho ya jwalo a orohe lefatsheng, ha ho kgathallatseng hore o na le tjhelete
e kae, le yena o a hlokahala. Sepheo sa tshebediso ya pheteletso ena ke ho bontsha kamoo
batho ba nang le ditjhelete ba yeng ba nahane eka ba ruile lefatshe kateng.

Anastrofi
• Molathothokisong wa 21 re fumana anastrofi. Anastrofi ke tatellano e sa tlwaelehang ya
mantswe. Mola oo o ne o lokela ho baleha tjena ka puo e tlwaelehileng: Moreso dineo tsona
tseo tsa hao. Lentswe ‘tsona’ le tlisitswe pele ho ‘dineo’ ka sepheo sa ho le qatsohisa le ho
le toboketsa hore le tle le be le sefutho.

Lehlaso
• Mela e qetellang temana ka nngwe e re bopela lehlaso. Bohlokwa ba lehlaso ke ho toboketsa
le ho hopotsa mmadi hore a se lebale leha a ka ba le tsohle le tsona ha se lefa. Lehlaso leo le
bile le re bopela morethetho o tsepameng wa melathothokiso e qetellang temaneng ka nngwe
ho toboketsa sehlooho sa thothokiso.

Mantswemakgohledi
• Mantswemakgohledi ke mantswe a welang tlasa kgetho ya mantswe. Ke mantswe a kgohlelang
hantle ho feta mantswe a tlwaelehileng ao sethothokisi se a kgethang ho matlafatsa molaetsa
wa seo se buang ka sona. Mantswe ana ‘bomankgwe’ le ‘dikgoshopa’ ke mantswe a hlalosang
batho ba babe ka tshobotsi. Sethothokisi se ka nna sa re batho ba ditshobotsi di mpe empa se
kgethile mantswe ana ho matlafatsa ntlha ya hore ehlile batho bao ba ditshobotsi di mpe.
• Lentswe ‘dimenyemenye’ le kgohlela hamonatjana ho feta ha sethothokisi se ne se itse dijo tse
monate.
• Sethothokisi se boetse se sebedisitse lentswe ‘shwahle’ bakeng sa hore se re motho ya buang
haholo. Shwahle ke lentswe le kgohlelang hantle hobane le bontsha botebo ba ho bua haholo
ha sebui.

5.2.5. Sehalo le maikutlo


• Sehalo seo mongodi a se sebedisitseng ke se bohale, se kgalemang batho ba iponang ba le ka
hodimo ho ba bang ka maemo. Sethothokisi se ba hopotsa hore monono ke mohodi, ke
mouwane. Tsohle tseo ba nang le tsona di ka nna tsa moyafala ka ho panya ha leihlo.
• Maikutlo a qholotswang thothokisong ena yohle ke a ho kgena/ho sithabela maikutlo le a
tshwabo. Hona ho bakwa ke ho lemoha kamoo batho ba nang le ho itseng ba yeng ba
ikgantshetse ba bang hobane feela ba nahana hore maemo ao a bona ha a sa tla fela le ka
mohla o le mong.

21
5.2.6. Mookotaba le molaetsa.
• Mookotaba wa thothokiso ena ke hore ‘Monono ke mohodi ke mouwane’
• Thuto ya yona ke ya hore ha ditaba tsa hao di o tsamaela hantle o nne o hopole hore di ka fetoha
ka ho panya ha leihlo.

5.2.7. Tlotlontswe

LENTSWE TLHALOSO
Shwahle Motho ya buang haholo.
Tsetsela Ho lla ka lentswe le lesesanyane, o llela tlase.
Mabotjhobotjho Sebaka se bonojana se hlokang makukuno se bothoselang
Dimenyemenye Dijo tse monate
Tshehlana Ngwanana ya kganyang ka lebala
Mankgwe le Dikgoshopa Batho ba babe ka tshobotsi
Molaedi Motho ya laelang kapa ya laolang sebakeng sa tshebetso
Boteduputswa Ke bannabaholo, ke maqheku
Pitika Ho itheta fatshe

5.2.8 DIPOTSO LE DIKARABO

DIPOTSO

1. Fana ka mofuta wa phetapheto e sebedisitsweng melathothokisong ya 1 le 2 ebe


o bolela hore e thusa jwang ho hlakisa moelelo wa mela eo. (2)

2. Kgonyetso e sebedisitsweng molathothokisong wa 13, ka tshebediso ya lentswe (2)


'fu', e sebedisitswe ka sepheo sefe?

3. Mela e qetellang temana ka nngwe e re bopela lehlaso. Bohlokwa ba lehlaso ke (2)


bofe thothokisong?

4. Temanathothokiso ya 4 e qholotsa maikutlo a jwang ho wena? Tshehetsa karabo (2)


ya hao.

5. Ke thuto efe eo o e unneng kamora ho bala thothokiso ena? (2)


[10]

DIKARABO

1 Ke phetapheto ya moelelo.PHo hlakisa moelelo wa hore ya buang haholo a ke a thole


a mamele mantswe a keletso a molemo. P (2)

2 Ka sepheo sa ho fa lentswe 'fu' sefutho le ho matlafatsa ntlha ya hore le mohlang a


hlokahetse a nne a ikgantshetse batho jwalo.
Ka sepheo sa ho fokotsa bolelele ba molathothokiso.
Ka sepheo sa ho potlakisa morethetho wa molathothokiso. PP (2)
(Tshwaya e le nngwe feela)
22
3 Ho toboketsa le ho hopotsa mmadi hore a se lebale leha a ka ba le tsohle le tsona ha
se lefa.
Ho re bopela morethetho o tsepameng wa melathothokiso e qetellang temaneng ka
nngwe.PP (2)

4 Maikutlo a kutlwelobohloko/a ho kgena/a sithabetsang/a tshwabo.P Ke kgentshwa/


swabiswa ke ho utlwiswa bohloko ke ho bona maqheku a bontshang tshabo le ho
thothomela ha ba teana le molaedi.P (2)
(Maikutlo a bontshang ho se thabe a ananelwe)

5 Ke thuto ya hore ha ditaba tsa hao di o tsamaela hantle o nne o hopole di ka fetoha
ka ho panya ha leihlo.PP
(Maikutlo a mohlahlobuwa a ananelwe ha a ikamahantse le se botsitsweng) (2)
[10]

23
6. THOTHOKISO YA 2: DIKANO- JM Nkutha
1 Ka ikana ka ikenya mahlomoleng mathateng,
2 Ka ikenya tshotso dinaleng ho ee kgatello,
3 Ke hauhela fatshe la ntate le timelang,
4 Le timela le fediswa ke diabolosi.

5 Ka ikana pela ntate ho theohela lefatsheng,


6 Ke tle ke pholose setjhaba sa hae ho e mobe,
7 Yena ya neng a se a bile a se bitsa sa hae,
8 Ka baka la mekgwa le mesebetsi ya sona.

9 Ka theoha ka Maria morwetsana wa ho loka,


10 Ka wela atleng tsa Josefa monna wa kgale,
11 Yena ya ileng a mamela lengeloi la ntate,
12 Ha le ne le re a nkamohele ke tseleng.

13 Herota a utlwa a mpatla hodimo le tlase,


14 A mpatla hore ke shwe dikano di fele,
15 Tsa ho rena ha ka fatsheng la ntate,
16 E be yena morena a le mong to!

17 A phaphatheha ka nna Josefa eo, KA THEOHA KA


18 A phaphatheha ho baballa pallo, MARIA MORWETSANA
19 A phaphatheha ho phetha taelo, WA HO LOKA!
20 Ho ntebela lefatsheng ka mehla.

21 Ke entse kano tse boima tse nkimelang,


22 Tjhaba sa Iseraele sa ntlhoyela borena,
23 Sa mpitsa mothetsi wa setjhaba lerabele,
24 Lerabele le shebileng tulo sa borena.

25 Mong wa barutuwa ba me a nnehela direng,


26 Ha thwe di mpolaye a tle a fuwe moputso;
27 A lebala le ditshepiso tsa hae ho nna,
28 Tsa hore o tla shwa a tsohe le nna.

29 Ka fanyehwa sefapanong ka baka la dikano,


30 Ka tshwelwa ka mathe ka ba ka hlapaolwa,
31 Ka songwa ka rweswa moqhaka wa meutlwa,
32 Ka shwa ke shwela tsona dikano.

24
6.1. Kgutsufatso ya thothokiso
Ka thothokiso ena sethothokisi se omela diketsahalo tsa Bibeleng moo teng Modimo a ileng a
romella mora wa hae a le mong, e leng Jeso Kreste ho tla shwela batho lefatsheng ka lebaka la
dibe tsa bona. Jeso Kreste o ile a dumela thomo eo ya Modimo mme o ile a tswalwa ke morwetsana
Maria ya neng a se na sekodi (a se na sebe). Josefa o ile a mamela Modimo ha a re a hlokomele
Jeso.

Ha Heroda a utlwela hore ho na le ngwana ya tswetsweng eo e tla bang morena, o ile a halefa
haholo mme a batla ho bolaya lesea Jeso hore kano eo a e entseng le Modimo e tle e se ke ya

phetheha. O ne a batla hore morena e be yena feela. Lengeloi la Modimo le ile la etela Josefa, la
mmolella hore a balehise lesea hobane Herota o batla ho le bolaya. Josefa a etsa jwalo.

Tjhaba sa Iseraele se ile sa fetohela Jeso sa mmitsa mothetsi wa setjhaba. Sa re Jeso ke lerabele
le batlang setulo sa borena. E mong ya bitswang Judase Isekariote o ile a rekisa Jeso a mo
rekisetsa dira tsa hae. A fuwa moputso wa tjhelete ka lebaka leo. Jeso a thakgiswa sefapanong. A
tshwelwa ka mathe a ba a hlapaolwa. A songwa a ba a rweswa moqhaka wa meutlwa o neng o
hlaba ha bohloko hloohong. A shwa ka baka la dikano tseo a neng a di entse tsa ho shwela dibe
tsa batho lefatsheng.

6.2. Manollo ya thothokiso

6.2.1. Tlhaloso ya sehlooho


Sehlooho sa thothokiso ena ke ‘Dikano’. Sehlooho sena se hlalosa maemo ao ho ona motho a itlamang
hore o dumela ho etsa se itseng leha ho ka ba thata jwang kapa jwang. Ha o entse kano, ha ho bonolo
ho e hlanohela.

6.2.2. Mofuta wa thothokiso


Thothokiso ena ke ya tokodiso. Sethothokisi se lokodisa diketsahalo tse ileng tsa etsahala ho tloha
tlhahong ya Jeso ho ya fihla moo a seng a thakgiswa, a shwa a shwela dibe tsa rona batho.

6.2.3. Mola wa thothokiso


Mela ya thothokiso ena e bopilwe ka dibetsa tsa bonono tse fapaneng. Dibetsa tsena di na le morero
le sepheo sa ho hatella le ho fana ka kutlwisiso e tebileng ya thothokiso.

6.2.4. Manollo ya mola ka mola

Phetapheto ya mantswe e tshekaletseng


• Melathothokisong ya 1 le 2 sethothokisi se sebedisitse phetapheto ya mantswe e tshekaletseng
ka tshebediso ya mantswe ana ‘ka ikenya’. Mohopolo o fumanwang molathothokisong wa 1 o
fetisetswa molathothokisong wa 2 ka sepheo sa ho tlamahanya mela eo e mmedi. Sethothokisi se
sebedisa phetapheto ya mantswe ho sidilella mohopolo wa ‘ho ikenya mathateng’ mme modumo
wa mantswe ao o sala o duma kelellong ya mmadi. Phetapheto ena ya mantswe e tshekaletseng
e boetse e iponahatsa melathothokisong ya 23 le 24 ka tshebediso ya lentswe ‘lerabele’.

Phetapheto ya moelelo
• Re boetse re fumana le phetapheto ya moelelo hona melathothokisong ena ya 1 le 2. Yona e
bopilwe ka tshebediso ya mantswe ‘mahlomoleng’, ‘mathateng’ le ‘ho ikenya tshotso dinaleng’.
Mantswe ana a bolela ntho e le nngwe e leng hore Jeso o ile a ikenya tlokotsing ka ho dumela hore
o tla shwela batho ka baka la dibe tsa bona. Phetapheto ena ya moelelo e boetse e iponahatsa
molathothokisong wa 30 ka tshebediso ya mantswe ‘tshwelwa ka mathe’ le ‘hlapaolwa’. Sepheo sa

25
ho sebedisa phetapheto ya moelelo ke ho toboketsa le ho sidilella mohopolo wa ho ‘ikenya
mathateng’ (mela 1 and 2) le wa ho ‘rohakwa’ (mola 30).

Kgonyetso
• Molathothokisong wa 3 re fumana kgonyetso ka tshebediso ya lentswe ‘fatshe’ bakeng sa
‘lefatshe’. Mona sethothokisi se honyeditse lentswe ‘lefatshe’ ka sepheo sa ho le fa sefutho le ho
le toboketsa. Kgonyetso e boetse e fokotsa bolelele ba senoko sa lentswe le bolelele ba
molathothokiso. Morethetho wa thothokiso le wona o a potlaka ha ho sebedisitswe kgonyetso.

Pebofatso /pebolo
• Temanathothokisong ya 3 ho sebedisitswe pebofatso/pebolo. Sethothokisi se re ‘Ka theoha ka
morwetsana Maria’ bakeng sa hore se re ‘Ka tswalwa ke morwetsana Maria’. Pebolo e
sebedisetswa ho thethefatsa mantswe a bohale, a hlohlontshang ditsebe tsa mmadi hore a fihle a
thethefetse hantle ditsebeng.

Phetapheto ya mantswe e tsepameng


• Melathothokisong ya 17, 18 le 19 sethothokisi se sebedisitse phetapheto ya mantswe e
tsepameng ka tshebediso ya mantswe ‘A phaphatheha’. Phetapheto ena ya mantswe e tsepameng
e sidilella mohopolo wa hore Josefa ‘o ile a baleha’ a balehisa ngwana Jeso hore Herota a tle a se
ke a mo fumana. Phetapheto ena e bile e etsa hore mantswe a sale a ntse a duma ditsebeng tsa
mmadi.

Phetapheto ya sebopeho
• Melathothokisong ya 18 le 19 sethothokisi se sebedisitse phetapheto ya sebopeho ka
tshebediso ya mantswe a latelang:

‘A phaphatheha ho baballa pallo’ le


‘A phaphatheha ho phetha taelo’.

Melathothokiso ena e mmedi e bopilwe ka ditho tsena tse latelang tsa puo. Lebopi la moetsi
(A) leetsi (phaphatheha) lehokaetsi (ho) leetsi (baballa/phetha) le lebitso (pallo/taelo).
Phetapheto ya sebopeho e thusa ho fana ka morethetho thothokisong le ho lekanya bolelele
ba molathothokiso.

6.2.5. Sehalo le maikutlo


• Maikutlo a qholotswang thothokisong ena yohle ke a kutlwelobohloko le qenehelo. Re utlwela Jeso
bohloko le ho mo qenehela ha a ile a itella ho shwela dibe tsa batho empa bona batho bao a ba
shwetseng ba sa bontshe teboho empa ba mo thakgisa.
• Sehalo seo mongodi a se sebedisitseng ke sa ho hlomoha. Sethothokisi se utlwahatsa ho hlomoha
ho bileng pelong ya motho ya ileng a ikana hore o tla shwela setjhaba se se nang teboho.

6.2.6. Mookotaba le molaetsa.


• Mookotaba wa thothokiso ena ke hore ‘Ha o entse kano, a lokela ho e phethisa’.
• Molaetsa wa thothokiso ena ke wa hore Jeso o ile a itella ho tla pholosa setjhaba diatleng tsa
Ramautla empa setjhaba sona sa hloka teboho hodima boitelo boo ba hae.

26
6.2.7. Tlotlontswe

LENTSWE TLHALOSO
Tshotso Ke mafura/ mohlehlo o hadikilweng ha ntshwa mafura, mafura ao ke
tshotso.
Phaphatheha Ho tsamaya o sa tsebe moo o yang teng ka sepheo sa ho baleha.
Lerabele Motho ya hlanohetseng ditshepiso.
Fanyehwa Ho leketliswa sefateng kapa kae feela moo o ka leketliswang teng
Moqhaka Kgau ya tlholo

6.2.8 DIPOTSO LE DIKARABO

DIPOTSO

1 Ke phetapheto ya mofuta ofe e fumanwang molathothokising wa 1? (2)

2 Ka mantswe a hao, hlalosa moelelo o fuperweng ke melathothokiso ya 9 le 10. (1)

3 Lekgotsi le sebedisitsweng molathothokisong wa 16 le thusa jwang ho hlakisa


moelelo wa mola oo? (2)

4 Melathothokisong ya 18 le 19 ho sebedisitswe phetapheto ya sebopeho. Ebe (1)


sethothokisi se e sebedisitse ka sepheo sefe?

5 Ke maikutlo afe a totobatswang temanathothokisong ya ho qetela? (2)

6 Akaretsa molaetsa wa thothokiso ena ka polelo E LE NNGWE e jereng mohopolo wa (2)


sehlooho. [10]

DIKARABO

1 Phetapheto ya moelelo.P (1)

2 Moelelo ke wa hore o ile a belehwa ke morwetsana wa mohalaledi, mme Josefa a mo


amohela hantlePP (2)

3 Le hlakisa moelelo wa ho makala, sethothokisi se makatswa ke motho ya neng a ipatla


a rena a le mong, mme batho bohle ba kgumamela yena feela.PP (2)

4 Ka sepheo sa ho totobatsa hore Josefa o ile a mo balehisa ho mo qobisa ho bolauwa.


Ka sepheo sa ho fa molathothokiso morethetho/ho lekanya mela. PP
(2)

5 Ke maikutlo a qenehelo/kutlwelobohloko.P (1)

6 Molaetsa wa thothokiso ena ke ha sethothokisi se re laetsa/bontsha kamoo Jeso a


ileng a itella ho tla pholosa setjhaba diatleng tsa Ramautla empa setjhaba se sena
teboho hodima boitelo boo ba hae.PP (2)
[10]

27
7. THOTHOKISO YA 3: O WA KA, KE WA HAO – KPD Maphalla
1 Mamela hle nnake, moratuwa,
2 Mamela phororo ya maikutlo ke ena;
3 Ntho ena ha se phororo ke sekgohola,
4 Kgohola sa maikutlo ha se na thebe,
5 O wa ka, ke wa hao.
6 Bobedi re ba Modimo.

7 Le ha mme le ntate ba ka ntahla,


8 Le ha baena ba ka ntlohela seemeng;
9 Le ha metswalle yohle e ka mphuralla
10 Ha o le teng ho nna ke ka morena;
11 O wa ka, ke wa hao.
12 Bobedi re ba Modimo.

13 Le ha nka tshwelwa ka mathe, ka hlapaolwa.


14 Ka rohakwa le ke dihole ke di tseba;
15 Le ha nka nkelwa melamu ka kgakgathwa,
16 Ha ba ha latwa le tsona dikwakwa ka hlahlathwa; LE HA O KA
17 O wa ka, ke wa hao. THETWA
18 Bobedi re ba Modimo. THOTHOBOLONG!
O WA KA, KE WA
19 Le ha o ka bitswa ka mabitso e se a hao. HAO!
20 Wa rehwa tseketseke, semaumau hantle;
21 Le ha o ka netwa ka bohata ba lefatshe.
22 Wa behakakwa dipha wa senngwa lebitso;
23 O wa ka, ke wa hao.
24 Bobedi re ba Modimo.

25 Le ha o ka rehwa thokolosi, moloi hantle,


26 Wa hla wa rehwa Diabolosi, Ramautla;
27 Le ha o ka thetwa thotobolong ke shebile,
28 Wa haswa ka moswang le ka matlakala,
29 O wa ka, ke wa hao,
30 Bobedi re ba Modimo

31 Bobedi re ba Modimo moratuwa


32 Ramasedi o moholo, o a phela;
33 Le ha dikgukguni di ka kgukguna le ka kgitla,
34 Dira tsa rera merero, tsa rala meralo
35 O wa ka, ke wa hao
36 Bobedi re ba Modimo

37 Bobedi re ba Modimo hakwe la pelo,


38 Atleng tsa Ramahodimo ha re a lahleha;
39 Le ha ho ka foka meya ha ruthutha difefo
40 Mahadima a benya, batho ra fetlama;
41 O wa ka, ke wa hao.
42 Bobedi re ba Modimo.

28
43 Modimo o nthuse ke o rekele lehodimo
44 Le ha bokowa bo nkgina, bo nkganela;
45 Le ha lesira la botho le mphoufaditse,
46 Ke tsamaya ke kgetshemelaka letsatsi le tjhabile;
47 O wa ka, ke wa hao.
48 Bobedi re ba Modimo

7.1. Kgutsufatso ya thothokiso

Thothokiso ena e bua ka baratani ba babedi ba ratanang. Mona ho bua e mong wa baratani mme
o ntsha mabinebine a pelo ya hae, o hlalosa kamoo a ratang moratuwa wa hae kateng.
Temanathothokisong ya 1 o qala ka ho hlalosa botebo ba lerato leo a ratang moratuwa ha hae ka
lona. O hlalosa hore sekgahla sa lerato la hae se jwalo ka sekgohola se se nang thebe ya ho se
thiba.

Sethothokisi se hlalosa hore leha batswadi, baena le metswalle ba ka se lahla ba se siya seemeng,
feela ha moratuwa wa sona a le haufi, se ikutlwa e le morena. Se boetse se hlalosa hore le ha se
ka rohakwa ka tsela tsohle, sa kgakgathwa, sa hlahlathwa, moratuwa wa sona o tla dula e ntse e
le wa hae.

Temanathothokisong ya 4 le ya 5 sethothokisi se bontsha ho se natse le ha moratuwa wa sona a


ka bitswa ka mabitso ao e seng a hae; a kang semaumau, tseketseke, thokolosi, diabolose le
Ramautla. Se re le ha ho le jwalo se ntse se rata moratuwa wa sona, mme bobedi ba bona ke bana
ba Modimo.

Ditemanathothokisong tse qetellang tse 3 sethothokisi se ntse se ipolela lerato ho moratuwa mme
se bile se ananela ntlha ya hore le ha se ka kgetshemela letsatsi le tjhabile, ka baka la bofokodi ba
botho, se tla dula se ntse se rata moratuwa wa sona.

7.2. Manollo ya thothokiso

7.2.1. Tlhaloso ya sehlooho


Sehlooho sa thothokiso ena ke ‘O wa ka ke wa hao’. Sehloohong sena sethothokisi se hlakisa le ho
boledisa lerato leo se nang le lona ho moratuwa wa sona. Lerato leo le matla hoo le hlolang ditshita
tsohle tseo sethothokisi se tjamelaneng le tsona.

7.2.2. Mofuta wa thothokiso


Thothokiso ena ke lekodilo/leriki kapa lona lehlolohela. Lekodilo ke thothokiso e kgutshwane e kang
pinanyana. Hangata e ngolwa ho tswa lehlakoreng la mmui. Ho yona ho utlwahatswa maikutlo kapa
mohopolo kapa ho hlalosa pono e itseng. Sethothokisi se utlwahatsa lerato ho moratuwa wa sona.

7.2.3. Mola wa thothokiso


Mela ya thothokiso ena e bopilwe ka dibetsa tsa bonono tse fapaneng. Dibetsa tsena di na le morero
le sepheo sa ho hatella le ho fana ka kutlwisiso e tebileng ya thothokiso.

29
7.2.4. Manollo ya mola ka mola

Phetapheto ya mantswe e tsepameng


• Melathothokisong ya 1 le 2 sethothokisi se sebedisitse phetapheto ya mantswe e tsepameng ka
tshebediso ya lentswe lena ‘mamela’. Mohopolo o fumanwang molathothokisong wa 1 o
fetisetswa molathothokisong wa 2 ka sepheo sa ho hokahanya/tlamahanya mela eo e mmedi.
Sethothokisi se sebedisa phetapheto ena ya mantswe ho sidilella mohopolo wa ho re ‘se mamelwe’
mme modumo wa mantswe ao o sala o duma kelellong ya mmadi. Phetapheto ena ya mantswe e
tsepameng e boetse e iponahatsa melathothokisong ya 7 le 8 ka tshebediso ya mantswe ‘le ha’.

Kgefutsohare/sejura

• Molathothokisong ya 1 re fumana kgefutsohare/sejura. Kgefutsohare ena e sebedisitswe ka


sepheo sa ho katla morethetho wa thothokiso. Sejura se boetse se iponahatsa melathothokisong
ya 5, 11, 17, 23, 29, 35, 41 le 41 (O wa ka, ke wa hao) le molathothokisong wa 40 ka mantswe ana
‘Mahadima a benya, batho ra fetlama’. Melathothokisong ya 20, 23, 25, 26 le 44 sejura se
sebedisitswe ka sepheo sa ho lekalekanya moelelo wa mantswe ana a latelang; molathothokisong
wa 20 lentswe ‘tseketseke’ le lekalekanngwa le lentswe ‘semaumau’; molathothokisong wa 23
mantswe ‘ho behakakwa dipha’ a lekalekanngwa le ‘ho senngwa lebitso’, molathothokisong wa 25
lentswe ‘thokolosi’ le lekanngwa le ‘moloi’; molathothokisong 26 lebitso ‘Diabolosi’ le lekanngwa le
la ‘Ramautla’, molathothokisong wa 44 ho sebedisitswe lentswe ‘nkgina’ le lekalekanngwa ka
moelelo le lentswe ‘nkganela’. Kgefutsohare e boetse e fokotsa bolelele ba molathothokiso.

Tshwantshiso
• Molathothokisong wa 3 ho sebedisitswe sekapuo tshwantshiso. Tshwantshiso ena e sebedisitswe
ho rehella phororo ya maikutlo eo sethothokisi se nang le yona ka ‘sekgohola’ kaha e le maikutlo a
tlang ka sekgahla se seholo.

Kgonyetso
• Molathothokisong wa 4 ho sebedisitswe kgonyetso. Kgonyetso e sebedisitswe lentsweng lena
‘Kgohola’. Mona sethothokisi se fokoditse bolelele ba lentswe ‘Sekgohola’ ka ho tlosa
sehlongwapele sa lona. Sepheo se seholo sa ho sebedisa kgonyetso ke ho fa lentswe lebatama le
ho toboketsa. Kgonyetso e bile e fokotsa bolelele ba molathothokiso le ho potlakisa morethetho wa
molathothokiso. Kgonyetso ena e boetse e iponahatsa molathothokisong wa 37 ka tshebediso ya
lentswe ‘hakwe’ bakeng sa ‘lehakwe’.

Poeletsomodumo - Alithereishene
• Melathothokisong ya 33 le 34 sethothokisi se sebedisitse poeletsomodumo ya medumo e
bitswang alithereishene ya ‘kg’ le ya ‘r’ ka tsela ena ‘Le ha dikgukguni di ka kgukguna le ka
kgitla’ le ‘Dira tsa rera merero, tsa rala meralo’. Poeletsomodumo ya medumo ‘kg’ le ‘r’ e
sebedisitswe ka sepheo sa ho bopa morethetho thothokisong le ho etsa hore modumo oo o dule
o ntse o utlwahala ditsebeng tsa mmadi.

Lehlaso
• Ditemathothokiso tsohle di qetella ka lehlaso le reng; ‘O wa ka ke wa hao, le ‘Bobedi re ba
Modimo’. Sepheo sa ho sebedisa lehlaso ke ho sidilella mohopolo wa hore baratuwa bana ba a
ratana mme ebile ke batho ba Modimo.

30
7.2.5. Sehalo le maikutlo
• Sehalo seo mongodi a se sebedisitseng ke sa lerato le boitshepo. Sethothokiso se utlwahatsa ho
rata moratuwa wa sona mme se bontsha ho ba motlotlo le ho itshepa kaha ha se tsotelle dipuo tse
mpe tse buuwang kgahlanong le moratuwa wa sona.
• Maikutlo a qholotswang thothokisong ena yohle ke a kananelo le lerato kaha sethothokisi se bolela
hore leha moratuwa wa sona a ka kgeswa, a sehollwa jwang kapa jwang ho yena o tla dula e ntse
e le perela ya leihlo.

7.2.6. Mookotaba le molaetsa.


• Mookotaba wa thothokiso ena ke hore ‘Lerato la nnete le hlokang boikaketsi’
Molaetsa wa thothokiso ena ke wa hore ha o rata motho o lokela ho mo ananela le dipha tseo a
nang le tsona ho sa kgathalatsehe hore batho ba reng ka yena.

7.2.7. Tlotlontswe

Lentswe Tlhaloso
Phororo Metsi a noka a lepellang selomong kapa metsi a lelemelang a sa phalle
empa a tswa ka potlako moo ho petetsaneng.
Sekgohola Metsi a pula e nang ka matla mme a hohola sohle seo a kopanang le
sona
Thebe Sesebediswa sa ho itshireletsa ntweng
Seemeng Moo ho se nang boitshirelletso/ pepeneneng.
Hlapaolwa Ho rohakwa kapa ho bitsollwa.
Kgakgathwa Ho otlwa kgafetsa.
Hlahlathwa Ho ratha o tabolaka.
Tseketseke/semaumau Motho ya sa nkeng hantle hloohong
Dipha Dikodi tse mpe tse amang botho ba motho.
Thotobolong Sebaka moo ho lahlelwang matlakala/ molora/ ditshila/dintho tse mpe
Moswang Jwang/ dijo tse fumanwang ka mohodung wa phoofolo
Bokowa Boqwala

7.2.8. DIPOTSO LE DIKARABO

DIPOTSO

1 Ke phetapheto ya mofuta ofe e fumanwang molathothokising wa 1? (1)

2 Ka mantswe a hao, hlalosa moelelo o fuperweng ke melathothokiso ya 9 le 10. (2)

3 Kgefutsohare e sebedisitsweng molathothokisong wa 20 e sebedisistwe ka sepheo


sefe? (2)

4 Fana ka lebitso la sebetsa sa bothothokisi se sebedisitsweng molathothokisong


wa 33. Sebetsa seo se bopilwe ka modumo ofe? (2)

5 Hlalosa se bolelwang ke melathothokiso ya 45 le 46. (2)

6 Ke maikutlo afe a totobatswang thothokisong ena yohle? (2)

31
7 Akaretsa molaetsa wa thothokiso ena ka polelo E LE NNGWE e jereng mohopolo wa
sehlooho. (2)
[13]

DIKARABO

1. Phetapheto ya moelelo.P (1)

2. Moelelo ke wa hore leha metswalle e ka mo hlanohela, ha a e na le moratuwa wa hae


o ikutlwa eka morena ya nang le tsohle.PP (2)

3. E lekalekanya moelelo wa mantswe ana ‘tseketseke’ le ‘semaumau’.


E thusa ho kgina morethetho wa thothokiso/E fokotsa lebelo la thothokiso.
E fokotsa palo ya mantswe molathothokisong. PP (2)

4. Ke poeletsomodumo/alithereishene. Ka modumo wa ‘kg’ (2)

5. Sethothokisi se bolela hore ka baka la bofokodi ba botho se tsamaya se ntse se etsa (2)
diphoso.

6. Ke maikutlo a kananelo le lerato kaha sethothokisi se bolela hore leha moratuwa wa


sona a ka kgeswa, a sehollwa, ho yena o tla dula e ntse e le thaka ya leihlo. PP (2)

7. Molaetsa wa thothokiso ena ke wa hore ha o rata motho o lokela ho mo ananela le


dipha tseo a nang le tsona.PP (2)
[13]

32
8. THOTHOKISO YA 4: RATO LA KA – KPD Maphalla

1 Ka bo hula, tor’a mphihlela,


2 Ka bua ka tshoha lerato la ka
3 Tebong ba pelo ka nyakalla,
4 Ka phaphama, moratuwa ha a yo.

5 Jwale pelo ya bala dinthontho,


6 Ka hopola rato la ka ka hlomoha,
7 Roko ba hana hehehe, ba latola bosehla,
8 Mehopolo ba e dumella ho farasa.

9 Ya tlola dithaba le dithajana mehopolo,


10 Dinoka le dinokana ya di tshela ho se tshita,
11 Ya fokaela thoto e setse morao kaofela,
12 Ke ela e fihla motsaneng, balakatha!
JO! BOHLOKO BA
13 Habo rato la ka mehopolo ya fihla,
LERATO LA HOLE WEE!
14 Nna ka nna ka fufula eka ke dihetse dinone,
15 Tebong ba pelo ka hloka mofuthu,
16 Thabo le nyakallo tsa emella thoko le nna.

17 Hoja ke molaodi wa tsohle, ke a laela;


18 Letsatsi ho se bitohe ke ne ke tla le laela.
19 Hoba moratuwa o hole, nke se mmone;
20 Le ha le ka hlaha le sele le bohweng ba ntja.

21 Empa hoba ha ke molaodi ha ke laole.


22 La tjhaba eka ha le utlwe sello sa ka,
23 La tjhaba diphateng ke kakaletse feela,
24 Roko bo ile bo ntshihile ke nnotshi.

25 Ha di tlwaela makgulo buka ka di lwantsha.


26 Ka di ntsha maqephe phelo ba tsona,
27 Lesiba ka le kokosa taba tsa ntlala.
28 Ka ngola maqepheqephe, ka kgotsofala.

29 Kgotsofalong eo ka boela ka ngongoreha,


30 Ka lengolo taba di ka tshoha di dieha,
31 E tla re di fihla ke tla be ke fetohile,
32 Tsohle di boetse madulong ho hlomoha ho ile.

33 Ka dula ka nahana ntho di hana ho fela,


34 Ntho tsa ho nkopanya le rato la ka ka potlako;
35 Kgabareng ka hopola nthwa makgowa fonofono,
36 Ka e laimela sa phakwe e lata tsuonyana.

37 Ntho ka e akgella leshome, ka e tobetsa;


38 Lapeng habo rato la ka ya kokota,
39 Motho ka se fumane eo ke mmatlang,
40 Eo a ka a nqoqisa pele a bitsa moratuwa.

33
41 Ka mora nakwana ratu a bitswa,
42 A tla a matha, ka utlw’a hemesela;
43 Yare a re o a bua soto ba nkwela,
44 Fono ya kgaola puo, manyane a fedile.

45 Pela fono ka tloha pelo e le boima,


46 E balabala e hopotse hole sebakana,
47 E tsetselela hole pelong ya moratuwa;
48 Jo! bohloko ba lerato la hole wee!

8.1. Kgutsufatso ya thothokiso


Thothokisoo ena ke ya tokodiso kapa re ka re e a hlalosa. E lokodisa le ho hlalosa diketsahalo
tsohle tseo sethothokisi se di entseng nakong eo se neng se hlolohetse moratuwa wa sona. Taba
ena ya tlholohelo e qadile ka toro e ileng ya fihlela sethothokisi. Nakong eo sethothokisi se thabileng,
se iponang se na le moratuwa wa sona, se ile sa phaphama mme sa nyahama ha se lemoha hore
se ne se mpa se lora feela.

Toro eo e ile ya qholotsa maikutlo a tlholohelo ho sethothokisi. Pelo ya balabala ya nahana ntho di
hana ho fela hoo sethothokisi se ileng sa ba sa hloleha ho kgaleha. Sa dulela ho nahana ka
moratuwa wa sona bosiu ba ba ba esa tshekge. Ha sethothokisi se ntse se shebile, mehopolo ya
sona ya kgelekgetheha ya ba ya fihla habo lerato la sona. Ka nako eo ke ha sethothokisi se se
fufulelwa, se e ba metsi te! hoo e kang se ntsheditse metsi dikobong (ho dihela dinone) athe se
mpa se fufuletswe feela. Botebong ba pelo ya sona sa hloka thabo.

Sethothokisi sa lakatsa eka letsatsi le ka se hlahe empa kaha ha se sona se laolang dintho, letsatsi
le nnile la hlaha jwalo ka tlwaelo. Hara motsheare sethothokisi se ile sa qalella ho ngola lengolo le
yang ho moratuwa wa sona. Eitse ha se qeta ho ngola lengolo se re tu, se ile sa kgotsofala!
Kgotsofalong eo sa fihlelwa ke ho ngongoreha. Se ne se ngongorehiswa ke hore lengolo le tla dieha
ho fihla ho moratuwa wa sona.

Ha mohopolo oo o fihla maikutlong a sona, sa nahana ho letsetsa moratuwa wa sona mohala. Sa


kgorohela mohala, sa o kenya tjhelete, sa tobetsa dinomoro empa ka bomadimabe mohala wa
arajwa ke motho e mong ya ileng a qoqisa sethothokisi ka ho sa tsebe hore pelo ya sona e
labalabela ho bua le moratuwa wa sona. Nakong eo moratuwa wa sona a bitswang mme a tlang a
mathile mohaleng a bile a hemesela, tjhelete ya fela mme puisano ya bona ya kgaoha ba e so ye
le kae.

Sethothokisi se tlohile pela mohala moya wa sona o sithabetse haholo kaha se ile sa hloleha ho
buisana le moratuwa wa sona.

8.2. Manollo ya thothokiso

8.2.1. Tlhaloso ya sehlooho

Sehlooho sa thothokiso ena ke ‘Rato la ka’. Sehlooho sena se hlalosa ka moratuwa wa motho ya
ratwang haholo empa bohloko bo bakwa ke hore baratani bana ba dula dibakeng tse arohaneng mme
seo se baka tlholohelo e kgolo ho bona

34
8.2.2. Mofuta wa thothokiso
• Thothokiso ena ke Tokodiso. Tokodiso ke thothokiso eo ho yona sethothokisi se lokodisang
diketsahalo ka tatellano eo di etsahetseng ka yona. Se lokodisa kamoo se hlolohetseng moratuwa

wa sona kateng. Tsena di qholoditswe ke toro eo sethothokisi se ileng sa lora moo se neng se lora
eka se dutse le moratuwa wa sona. Thothokiso ena e boetse e bitswa ka hore ke Lehlolohela.
8.2.3. Mola wa thothokiso
• Mela ya thothokiso ena e bopilwe ka dibetsa tsa bonono tse fapaneng. Dibetsa tsena di na le
morero le sepheo sa ho hatella le ho fana ka kutlwisiso e tebileng ya thothokiso.

8.2.4. Manollo ya mola ka mola

Kgonyetso
• Molathothokisong wa 1 ho sebedisitswe kgonyetso. Kgonyetso e sebedisitswe lentsweng lena
‘tor’a’. Ka puo e tlwaelehileng lentswe leo le baleha e le mantswe a mabedi e leng ‘toro ya’ Mona
sethothokisi se fokoditse bolelele ba lentswe ‘toro ya’ ka ho tlosa ditlhaku tse pedi e leng ‘o’ le ‘y’.
Sepheo se seholo sa ho sebedisa kgonyetso ke ho fa lentswe lebatama le ho le toboketsa.
Kgonyetso e bile e fokotsa bolelele ba molathothokiso le ho potlakisa morethetho wa wona.
Kgonyetso ena e boetse e iponahatsa melathothokisong ya 3 le 15 ka tshebediso ya lentswe
‘Tebong’ bakeng sa ‘Botebong ’; melathothokisong ya 6,34, 38 le 48 ka tshebediso ya lentswe ‘rato’
bakeng sa ‘lerato’; melathothokisong ya 7 le 24 ka tshebediso ya lentswe ‘Roko’ bakeng sa
‘Boroko’; molathothokisong wa 26 ka tshebediso ya lentswe ‘phelo’ bakeng sa ‘bophelo’;
molathothokisong wa 38 ka tshebediso ya lentswe ‘Lapeng’ bakeng sa ‘Lelapeng’ le
molathothokisong wa 42 ka tshebediso ya lentswe ‘utlw’a’ bakeng sa ‘utlwa a’.

Kgefutsohare/sejura
• Molathothokisong wa 1 re fumana kgefutsohare/sejura. Kgefutsohare ena e sebedisitswe ka
sepheo sa ho katla morethetho wa thothokiso le ho fokotsa bolelele ba molathothokiso. Sejura se
fokotsang molathothokiso le ho katla morethetho se boetse se iponahatsa melathothokisong ya 4,
6, 19, 28, 37 le 44.
• Melathothokisong ya 7 le 12, sejura se sebedisitswe ka sepheo sa ho lekalekanya moelelo wa
mantswe ana a latelang; Molathothokisong wa 7 mantswe ‘hana hehehe’ a lekalekanngwa ka
moelelo le mantswe ‘latola bosehla’; Molathothokisong wa 12 mantswe ‘ho fihla motsaneng’ a
lekalekanngwa ka moelelo le ho re ‘balakatha’. Kgefutsohare e boetse e fokotsa bolelele ba
molathothokiso.

Mothofatso
• Molathothokisong wa 7 ho sebedisitswe mothofatso. Mothofatso ke ha sebui se bua ka se se nang
bophelo jwalo ka ha eka se a phela. Mona sethothokisi se bua ka boroko jwalo ka ha eka bo kgona
ho hana ho etsa se itseng jwalo ka ha motho a ka hana ho etsa se itseng. Le molathothokisong wa
24 re ntse re fumana mothofatso. E se eka boroko bo ile ba ema ba tsamaya ba siya monga bona
a le mong. Le molathothokisong wa 38 re bona ho sebedisitswe mothofatso. E se eka fonofono e
ile ya tsamaya ka maoto a yona ya ya habo moratuwa mme ya fihla ya kokota.

35
Anastrofi
• Melathothokisong ya 9, 18 le 39 ho sebedisitswe anastrofi. Anastrofi ke tatellano e sa tlwaelehang
ya mantswe. Sethothokisi se sebedisa anastrofi ka sepheo sa ho qatsohisa mantswe a itseng hore
a tle a toboketswe. Molathothokisong wa 9 mantswe a qatsohisitsweng ke ‘Ya tlola’ hobane ka puo
e tlwaelehileng lentswe ‘Mehopolo’ le ne le lokela ho qala mola oo mme mola oo o ne o tla baleha
ka tsela ena ‘Mehopolo ya tlola dithaba le dithajana’. Molathothokisong wa 18 mantswe a
qatsohisitsweng ke ‘Letsatsi ho se bitohe’ hobane ka puo e tlwaelehileng mantswe ‘ke
ne ke tla laela’ a ne a lokela ho qala mola mme mola oo o ne o tla baleha ka tsela ena ‘Ke ne ke tla
laela letsatsi ho se bitohe’. Molathothokisong wa 39 lentswe le qatsohisitsweng ke ‘Motho’

hobane ka puo e tlwaelehileng mantswe ‘ka se fumane’ a ne a lokela ho qala mola mme mola oo o
ne o tla baleha ka tsela ena ‘Ka se fumane motho eo ke mmatlang’. Molathothokisong wa 41
mantswe a qatsohisitsweng ke ‘Ka mora nakwana’ hobane ka puo e tlwaelehileng lentswe ‘ratu’ le
ne le lokela ho qala mola mme mola oo o ne o tla baleha ka tsela ena ‘Ratu a bitswa ka mora
nakwana’.

Lekgotsi (!)
• Molathothokisong wa 12 ho sebedisitswe lekgotsi. Sethothokisi se le sebedisitse ka sepheo sa ho
bontsha ho tshoha le ho makala. Se makatswa ke mehopolo e kgelekgethehang ho ya fihla hole
hakaana.

Papiso/tshwantshanyo
• Molathothokisong wa 36 ho sebedisitswe papiso/tshwantshanyo. Sethothokisi se bontsha
kamoo se ileng sa kgorohela mohala kateng mme se bapisa hoo le ha phakwe e hlwibila
ditsuonyana. Sena se sebedisitswe bakeng sa ho hlakisa ketsahalo e etsahalang.

Mantswemakgohledi
• Molathothokisong wa 1 sethothokisi se sebedisitse lentswe ‘hula’ bakeng sa hore se re ‘ka
kgaleha’. Lentswe lena lena le kgohlela hantle kaha le hlalosa hore sethothokisi se ne se hlile se
kgalahile ha monate ha se tla lora.
• Molathothokisong wa 8 sethothokisi se sebedisitse mantswe ‘mehopolo e a farasa’ bakeng sa
hore se re ‘mehopolo e a lahleha/e a tlalatlala’. Lentswe ‘farasa’ le kgohlela hamonatjana
molathothokisong ona ho totobatsa ntlha ya hore mehopolo e ile ya lahleha.

8.2.5. Sehalo le maikutlo


• Sehalo seo mongodi se se sebedisitseng ke se nyahameng sa ho sithabela maikutlo ho bakwang
ke tlholohelo e maikutlong a sona kaha se hopotse le ho hlolohela moratuwa wa sona.
• Maikutlo a qholotswang thothokisong ena yohle ke a qenehelo. Mmadi o ikutlwa a tletse qenehelo
ha e le moo sethothokisi se lekile matsapa ohle a ho bua le moratuwa wa sona empa se qetelletse
se hlolehile ho ka utlwa lentswe la moratuwa wa sona hobane tjhelete e ile ya fela.

8.2.6. Mookotaba le molaetsa.

• Mookotaba wa thothokiso ena ke ‘Bohloko ba lerato la hole’


• Molaetsa wa thothokiso ena ke wa hore lerato la hole le ka o utlwisa bohloko kaha ha o kgone ho
kopana le ho bua le moratuwa wa hao ka nako eo o batlang ka yona.

36
8.2.7. Tlotlontswe

Lentswe Tlhaloso
Mehopolo e a farasa Mehopolo e a lahleha/tlalatlala
Tshita Ntho e sitisang motho ho etsa se itseng
Fokaela Ho ya le moya
Fufula Ho fufulelwa
Ho dihela dinone Ho ntshetsa metsi dikobong o ntse o kgalehile
Lesiba Pene ya ho ngola
Kokosa Ho tshwarela ntho hodimo
Laimela Ho kgorohela se itseng
Hemesela Ho phefumolaha ka matla ka morao ho ho matha ho tsamaya
ka matla/ sebetsa ka matla
Soto Ho ba kgopo

8.2.8. DIPOTSO LE DIKARABO

DIPOTSO

1. Qolla molathothokiso moo ho sebedisitsweng sejura temanathothokisong ya 1


o be o fane ka bohlokwa ba yona molathothokisong oo. (2)

2. Kgonyetso e sebedisitsweng molathothokisong wa 7, ka tshebediso ya lentswe


'roko', e sebedisitswe ka sepheo sefe? (2)

3. Lekgotsi le hlahella molathothokisong ofe temanathothokisong ya 3? Bohlokwa


ba lekgotsi leo ke bofe molathothokisong oo? (2)

4. Temanathothokiso ya ho qetela e qholotsa maikutlo a jwang ho wena? (2)


Tshehetsa karabo ya hao.
5. Bolela hore ke sehalo sefe se sebedisitsweng thothokisong. Tshehetsa karabo
ya hao ka lebaka. (2)
[10]

DIKARABO

1 Ke molathothokisong wa 4. P
E thusa ho katla morethetho wa thothokiso. (2)
E thusa ho fokotsa bolelele ba molathothokiso.P

2 Ka sepheo sa ho fa lentswe 'roko' sefutho le ho matlafatsa ntlha ya hore o ile a


hloleha ho kgaleha hohang.
Ka sepheo sa ho fokotsa bolelele ba molathothokiso.
Ka sepheo sa ho potlakisa morethetho wa molathothokiso. PP (2)

3 Molathothokisong wa 12.P Bohlokwa ba lekgotsi ke ho bontsha ho makala hoo


sethothokisi se nang le hona ha se lemoha hore mohopolo o se o kgelekgethehile
wa ba wa re balakatha motsaneng habo moratuwa.P
(2)

37
4 Maikutlo a qholotswang thothokisong ena yohle ke a qenehelo. PMmadi o
qenehela sethothokisi se lekileng matsapa ohle a ho bua le moratuwa wa sona
empa sa qetella se hlolehile ho utlwa lentswe la moratuwa wa sona hobane
tjhelete e ile ya fela hang ha moratuwa a re o araba mohala.P (2)

5 Sehalo se nyahameng sa ho sithabela maikutloP Sethothokisi se hopotse le ho


hlolohela moratuwa wa sona feela ha se kgone ho iteanya le yena.P (2)
[10]

38
9. THOTHOKISO YA 5: KE LLA LE WENA – MT Lekitlane

1 Boseyeng o nkentse mpowane, thatohatsi;


2 Bongwaneng ka ba naletsana e pela kgwedi.
3 Yare ke tla ke lla sa mmokotsane, phohomela;
4 Thaka tsa ka di ntetekile re ipapalla.

5 Wa kgweletsa dithebetha wa itokisetsa ntwa,


6 Tlung wa tswa o bipetsane, o hemesela;
7 Malapeng a bantlhokofatsi wa kena o fufuletswe.
8 Wa tsholela batho maqa ba sa o lebella.

9 Bitsong la ka wa qabana le batho, la fapana;


10 Manyaleng ao ke a entseng wa nkemela,
11 Thupa ka se e latswe, ka se e tsebe;

12 Kajeno ke lla le wena morati wa me,


13 Hara banna ke ya marapo a bonolonolo, KE TSIETSWA LE KE
14 Ke tsietswa le ke maimanyana a sa reng letho. MAIMANYANA A SA RENG
LETHO!

9.1. Kgutsufatso ya thothokiso


Thothokisong ena sethothokisi se utlwahatsa maikutlo a ho sithabela le ho nyahama ka baka la maemo
ao se iphumanang se le ho ona. Se hlalosa kamoo se hodisitsweng se teteswa le ho bokotswa ka mma
sona kateng. E ne e re ha se tla lapeng se lla ka baka la ho shatjwa ke dithaka tsa sona, mma sona o
ne a ikisa malapeng a bana bao ho ya lwana. Ha a fihla moo o ne a bolella batho masaakokometse ka
baka la kgalefo batho ba sale ba maketse.
Se tswela pele ka ho hlalosa hore mma sona o ne a se emela leha se sentse se entse phoso. Qetellong ha se se
se hodile, se iphumana se hlolwa ke ho emelana le mathata a bophelo ka lebaka la kgodiso eo e bokowa/mpe.

9.2. Manollo ya thothokiso

9.2.1. Tlhaloso ya sehlooho


Sehlooho sa thothokiso ke ‘Ke lla le wena’ Mona sethothokisi se hlalosa kamoo ngwana ya
hodisitsweng a bokotswa le ho teteswa ke mmae a seng a hloleha ho ikemela jwalo ka monna ha a se
a hodile. Ngwana enwa o a lla mme ke hona a lemohang hore lerato la mmae, leo a neng a mo hodisa
ka lona ha le a mo tswela molemo kaha o hlolwa le ke maimanyana a sa reng letho.

9.2.2. Mofuta wa thothokiso: Sonete


Sonete ke mofuta wa thothokiso o nang le melathothokiso e leshome le metso e mene. Ka tlwaelo
mela e 8 e qalang e ba le mohopolo o itseng, mme mela e 6 e qetellang e hanyetsane le mohopolo oo.
Leha ho le jwalo, sena ha se iponahatse thothokisong ena.
9.2.3. Mola wa thothokiso
Mela ya thothokiso ena e bopilwe ka dibetsa tsa bonono tse fapaneng. Dibetsa tsena di na le morero
le sepheo sa ho hatella le ho fana ka kutlwisiso e tebileng ya thothokiso.
39
9.2.4. Manollo ya mola ka mola
Phetapheto ya moelelo
• Molathothokisong wa 1 ho sebedisitswe phetapheto ya moelelo ka tshebediso ya mantswe
‘mpowane’ le ‘thatohatsi’. Sepheo sa ho sebedisa phetapheto ya moelelo ke ho toboketsa le ho
matlafatsa lerato leo mma sethothokisi a neng a e na le lona ho sona. Le ho bontsha kamoo a neng
a se tetesa kateng. Phetapheto ena ya moelelo e boetse e iponahatsa melathothokisong e latelang:
molathothokisong wa 3 ka tshebediso ya mantswe ‘ke lla sa mmokotsane’ le ‘phohomela’;
molathothokisong wa 6 ka tshebediso ya mantswe ‘o bipetsane’ le ‘o hemesela’; molathothokisong

wa 9 ka tshebediso ya mantswe ‘wa qabana le batho’ le ‘la fapana’ le molathothokisong wa 11 ka


tshebediso ya mantswe ‘ka se e latswe’ le ‘ka se e tsebe’. Melathothokisong ya 1 le 2 e hlahella
hape ka tshebediso ya mantswe ‘Boseyeng’ le ‘Bongwaneng’.

Kgefutsohare/sejura
• Hona molathothokisong wa 1, re fumana kgefutsohare/sejura. Kgefutsohare e iponahatsa ka
tshebediso ya letshwao la feelwana melathothokisong. Molathothokisong ona, kgefutsohare
sebedisitswe ka sepheo sa ho lekalekanya moelelo wa mantswe ana ‘mpowana’ le ‘thatohatsi’.
Kgefutsohare e boetse e fokotsa bolelele ba molathothokiso. Hape e katla/kgina morethetho wa
molathothokiso kapa hona ho fokotsa lebelo la molathothokiso. Kgefutsohare ena e boetse e
hlahella melathothokisong ya 3, 6 le 11 mme le hona moo e ntse e sebetsa yona mesebetsi e seng
e boletswe.

Maele
• Molathothokisong wa 2, ho sebedisitswe maele ana ‘naletsana e pela kgwedi’. Ona a sebedisitswe
ka sepheo ho fana ka moelelo o tomanyana ho feta ho sebedisa mantswe a tlwaelehileng e leng
ngwana ya ratwang haholo/thatohatsi.

Tlohelo
• Molathothokisong wa 3, re fumana tlohelo. Tlohelo ena e bopilwe ka ho siya lentswe sello. Sena se
etswa ka sepheo sa ho potlakisa morethetho kapa ho notla palo ya mantswe molathothokisong.

Kgonyetso
• Molathothokisong wa 4, fumana kgonyetso ka tshebediso ya lentswe ‘thaka’ bakeng sa ‘dithaka’.
Kgonyetso e sebedisitswe ka sepheo sa ho potlakisa morethetho kapa ho notla palo ya dinoko tsa
lentswe. Sena se fokotsa le bolelele ba molathothokiso. Kgonyetso ena e boetse e iponahatsa
molathothokisong wa 6 ka tshebediso ya lentswe ‘Tlong’ bakeng sa ‘Ntlong’ le molathothokisong wa
9 ka tshebediso ya lentswe ‘Bitsong’ bakeng sa ‘Lebitsong’.

Lentswelekgohledi
• Molathothokiso wa 5 re fumana lentswelekgohledi ka tshebediso ya ‘kgweletsa’ bakeng sa ho
nyolla. Lentswe ‘kgweletsa’ le tomanyana ho feta lentswe ho ‘nyolla’. Sepheo sa ho sebedisa
lentswelekgohledi ke ho fana ka sefutho/lebatama le ho sebedisa lentswe le kgohlelang hantle
maemong ao a ditaba a hlaloswang. Lentswelekgohledi le boetse le iponahatsa molathothokisong
wa 10 ka tshebediso ya lentswe ‘Manyaleng’ bakeng sa hore sethothokisi se re “Diketsong tsa ka
tse mpe’. Le molathothokisong wa 14 re ntse re fumana lentswelekgohledi ka tshebediso ya lentswe
‘tsietswa’ bakeng sa hlolwa.

40
Karaburetso ya pono
• Temanathothokisong ya 2 re fumana karaburetso ya pono. E se eka re bona mme enwa a tswa
lapeng la hae a halefile, a bile a kgweletsa dithebetha tsa hae a fihla a tjodietsa batho ba sala ba
maketse.

Anastrofi
Molathothokisong wa 9, ho hlahella anastrofi, e leng tatellano e sa tlwaelehang ya mantswe. Yona
e sebedisitswe ka sepheo sa ho qatsohisa lentswe kapa mantswe a tlositsweng sebakeng sa ona
moo re tlwaetseng a sebediswa teng, e leng: ‘Bitsong la ka’. Ka puo e tlwaelehileng molathothokiso
ona o lokela ho baleha tjena; ‘Wa qabana le batho, la fapana bitsong la ka.

‘Bitsong la ka’, e bolela hore ho tsepamisitswe maitkutlo ho yona ka baka la bohlokwa ba yona
molathothokisong oo hobane e totobatsa hantle hore mme wa sethothokisi, o entse tsohle ‘tse mpe’
hobane feela a batla ho sireletsa ngwana wa hae.
9.2.5. Sehalo le maikutlo

• Sehalo seo mongodi a se sebedisitseng thothokisong ena ke sa tlhokofalo le ho tetebela maikutlo.


• Maikutlo a mmadi a qholotswang mona ke a qenehelo kapa a kutlwelobohloko ka lebaka la hore
sethothokisi, se lla ka hore se ne se bokotswa bonyaneng, mme jwale se hodile ha se kgone ho
iketsetsa letho ka baka la ho bokotswa hoo. Mmadi o se utlwela bohloko ha e le mona se lemohang
kgodiso e lebatha ya lapeng la habo sona.

9.2.6. Mookotaba le molaetsa

• Mookotaba thothokisong ena ke hore ‘Lerato la botswadi le senyekgenyekge le senya ngwana’.


• Molaetsa kapa thuto thothokisong ena ke ho lemosa babadi hore ba se bokotse bana ba bona haholo
ho feta tekano hobane seo se ba etsa batho ba sa kgoneng ho ikemela bophelong.

9.2.7. Tlotlontswe

Lentswe Tlhaloso
Mpowane Motetesuwa/Ngwana ya hodiswang a teteswa ke batswadi ba hae
Sello sa Sello se seholo
mmokotsane/Phohomela
Di ntetekile Di ntjhapile habohloko
Ho kgweletsa Ho phahamisa mese o e subele
Dithebetha Mose wa Basotho o teteaneng, o sehlopha o etsang eka motho o
nonne
Bipetsana Ho hloleha ho hema
Manyaleng Ketsong tse mpe
Marapo Mesifa

41
9.2.8. DIPOTSO LE DIKARABO

DIPOTSO

1. Qoholla mantswe a hlahellang melathothokisong ya 1 le 2 a sebedisitsweng ho bopa


phetapheto ya moelelo. (2)

2. Ke bokgabo bofe ba bothothokisi bo hlahellang molathothokisong wa 4 ntle le sejura,


mme sepheo sa bokgabo boo ke bofe molathothokisong oo? (2)

3. Bohlokwa ba maele a hlahellang molathothokisong wa 2 ke bofe? (2)

4. Ke maikutlo afe a qholotswang ke thothokiso ena yohle ho wena? Tshehetsa karabo


ya hao. (2)

5. Akaretsa mohopolo o jerweng ke thothokiso ena ka polelo E LE NNGWE. (2)


[10]

DIKARABO

1. ‘boseyeng’ le ‘bongwaneng’. (2)

2. Tlohelo. Ho siuwe lentswe ‘sello’ ka sepheo sa ho potlakisa morethetho kapa ho


notla palo ya mantswe molathothokisong oo. (2)

3. A sebedisitswe ka sepheo sa ho fana ka moelelo o tomanyana ho feta ho sebediswa


mantswe a tlwaelehileng; e leng ngwana ya ratwang haholo /thatohatsi. (2)

4. Maikutlo a qholotswang mona, ke a kutlwelobohloko hobane motswadi a ne a tetesa


sethothokisi kgodisong ya sona. Jwale, se hodile, se hlolwa ke mesebetsi e fokolang.
(2)

5. Mookotaba thothokisong ena ke hore lerato la ho hodisa bana ka tsela e


senyekgenyekge, ha se lerato. (2)
[10]

42
10. THOTHOKISO YA 6: BALA MAHLOHONOLO - K.P.D Maphalla

1 O nkeleditse jwalo Molakolako


2 Kgabane yane ya ho eletsa ditjhaba;
3 Eitse ha a nkutlwa ke ntse ke tsetsela
4 A boela a mphallela ka ditemoso.

5 Bala mahlohonolo o lese dithohako,


6 Dithohako ke ditlhapa ha di hole;
7 Ha o ka itshwenya ka tsona o ka se hole,
8 Maharaswa a ka ikotla sefuba ka wena.

9 Bala mahlohonolo o lese batlatlapi,


10 Botlatlapi ke ba lefatshe ha bo ye tao;
11 Motlatlapi leha a ka o tlatlapa kajeno
12 Hosane o tla tla kopa bohobe ho wena.

13 Bala mahlohonolo o lese dinonori,


14 Dinonori di nanara di sa qete;
15 Le ha dinonori di o nanarela ka hohle O BELAELLANG MODIMO
16 Hosane ho tla wela tsona mankwaneng. A O RATILE?

17 Bala mahlohonolo o lese dikgukguni,


18 Dikgukguni ha di na toka, di tshaba nnete;
19 Dikgukguni le ha di ka kgukguna le masiu
20 Hosane di tla tshwaswa ke difi e le tsa tsona.

21 Bala mahlohonolo o lese ditshokelo,


22 Ditshokelo di holofatsa pelo ya motho,
23 Pelo e dikaqa e sitwa ho phomola,
24 E sitwa le ho boha mahlasedi a letsatsi

25 Bala mahlohonolo o lese matshwenyeho,


26 Matshwenyeho ke kobo a aperwe ke bohle,
27 Ha o a peretlisa a hola haholo
28 Hosane o qetelle o se o sa bone tsela.

29 Bala mahlohonolo o lese dingongoreho,


30 Dingongoreho di sithabetsa mehopolo,
31 Dingongoreho le ha di ka o futuhela
32 Ha o sa di natse di a o suthela.

33 Bala mahlohonolo o lese dikomang,


34 Dikomang ke motheo wa diqabang,
35 Dikomang ha o itlwaetsa tsona
36 Di o manama jwalo ka letsetse.

37 Bala mahlohonolo o lese dipelaelo,


38 O belaellang Modimo a o ratile?
39 Lesa dipelaelo o lemohe maseho,
40 Bophelo ke mpho, ke lehlohonolo.

43
10.1. Kgutsufatso ya thothokiso
Thothokisong ena sethothokisi se utlwahatsa maikutlo a tsotello. Sethothokisi se maemong a
hantle a boeletsi. Se kgothalletsa e mong le e mong ho bala mahlohonolo a mo dikileng, ao e leng
mpho e tswang ho Modimo ho e na le ho ngongoreha ka dintho tse sa reng letho, tsa nakwana.
Se qala ka ho hlalosa hore sona se ile sa eletswa ke Molakolako monna ya neng a tletse
dikgothatso. Se lemosa babadi hore ba se ikgathatse ka dithohako, batlatlapi, dinonori,
dikgukguni, ditshokelo, matshwenyeho, dingongoreho, dikomang le dipelaelo. Se hlalosa hore
tsena tsohle, tse tetebetsang moya wa motho ha di na molemo mme ho ka ba hotle ha bohle re
ka di nena, ra se ikgathatse ka tsona mme re hahamalle pele, re shebe tseo e leng tlhohonolofatso
ho rona.
10.2. Manollo ya thothokiso
10.2.1. Tlhaloso ya sehlooho
Sehlooho sa thothokiso ena ke ‘Bala mahlohonololo’. Sehlooho sena se kgothalletsa motho hore
a shebe tse ntle tse mo potapotileng mme a tlohele ho shebana le tse mpe. A lebohe Morena
Modimo. Se kgothalletsa mmadi ka tsela ya pinanyana hore a be le lerato le tumelo bophelong.

10.2.2. Mofuta wa thothokiso: Thuto


Thothokiso ena ke ya thuto mme e eletsa kapa hona ho kgothatsa babadi hore ba inkele tse ntle
maphelong a bona ba nene tse se nang molemo. Mofuta ona o boetse o tsejwa ka lebitso la
Lehlolohela/Lerike.
10.2.3. Mola wa thothokiso
Mela ya thothokiso ena e bopilwe ka dibetsa tsa bonono tse fapaneng. Dibetsa tsena di na le
morero le sepheo sa ho hatella le ho fana ka kutlwisiso e tebileng ya thothokiso.
10.2.4. Manollo ya mola ka mola
Enjambamente/Molamotjetje/Molapholletsi
• Melathothokisong ya 1 le 3 ha ho na letshwao la ho bala qetellong ya yona. Mona sethothokisi se
sebedisitse enjambamente/molamotjetje/molapholletsi. Molamotjetje o sebediswa ka sepheo sa
ho potlakisa morethetho le ho hokahanya mela. Mohopolo o jerweng ke molathothokiso wa 1 o kena
ka ho otloloha molathothokisong wa 2, mme se jerweng ke molathothokiso wa 3 se kena ka ho
otloloha moleng wa 4. Molamotjetje ona o boetse o fumaneha melathothokisong wa 11, 15, 19, 27,
31 le 35.

Lentswelekgohledi
• Molathothokisong ya 3 ho sebedisitswe lentswelekgohledi ‘tsetsela’ bakeng sa lentswe ‘lla’.
Sepheo sa ho sebedisa lentswelekgohledi ke ho fana ka sefutho/lebatama le ho sebedisa lentswe
le kgohlelang hantle maemong ao a ditaba a hlaloswang. Lentswelekgohledi ke lentswe le
tomanyana ho feta lentswe le sebediswang ka mehla. Lentswelekgohledi le boetse le fumaneha
melathothokisong ena; Molathothokisong wa 4 ka tshebediso ya lentswe ‘ditemoso’ bakeng sa
lentswe ‘dikeletso’ le lentswe ‘mphallela’ bakeng sa ho re ‘ntlisetsa’. Molathothokisong wa 8 e botjwa
ka tshebediso ya lentswe ‘Maharaswa’. Lentswe lena le hlalosa batho ba eisehang/ nyatsehang
mme le kgohlela hantle ho feta ha sethothokisi se ne se itse ‘Batho ba nyatsehang’;
Molathothokisong wa 24, sethothokisi se sebedisitse lentswe ‘boha’ bakeng sa ‘sheba’. Ha o ‘boha’,
ke ha o sheba hobane ho na le se o kgahlang se hohelang mahlo a hao. Ka hona lentswe

44
‘boha’ ke lentswelekgohledi kaha le jere moelelo o tomanyana ho feta ho ‘sheba’.
• Molathothokisong wa 27 re fumana lentswe ‘peretlisa’ le kgohlelang hantle ho feta ha sethothokisi
se ne se itse ‘ho bua ka’. Molathothokisong wa 30, sethothokisi se sebedisitse lentswe ‘sithabetsa’
bakeng sa ‘imetsa’. Ha o sithabetse mohopolo ke ha o sulafalletswe ke bophelo o sa kgahlwe ke
eng kapa eng. Ha e le molathothokisong wa 36 sethothokisi se sebedisitse lentswe ‘manama’
bakeng sa lentswe le tlwaelehileng e leng ‘kgomarela’ yaba molathothokisong wa 39 se sebedisa
lentswe ‘maseho’ bakeng sa lentswe ‘mahlohonolo’ le lentswe ‘lemoha’ bakeng sa hore se re ‘o
hlokomele’.

Phetapheto ya mantswe e tshekaletseng


• Melathothokiso ya 5 le 6, ho sebedisitswe phetapheto ya mantswe e tshekaletseng kapa
neeletsano. Yona e sebedisitswe ka sepheo sa ho fetisetsa mohopolo wa ‘dithohako’ o hlahelang
moleng o ka hodimo moleng o latelang. Phetapheta ena ya mantswe e tshekaletseng e sebedisitswe
ho habahanya thothokiso yohle. Re boetse re e fumana ditemathothokisong tsohle ka tshebediso ya
mantswe ana; dinonori, dikgukguni, ditshokelo, pelo, ‘e sitwa’, matshwenyeho, dingongoreho, le
dikomang. Molathothokisong wa 9, 10 le 11 re fumana phetapheto ena ya mantswe empa a nkile
dibopeho tsa ‘batlatlapi’, ‘botlatlapi’ le ‘motlatlapi’. Le mona e ntse e le phetapheto ya mantswe kaha
mantswe ao a bopilwe ka kutu e le nngwe ya leetsi e leng ‘tlatlapa’. Le melathothokisong ya 37, 38
le 39 re fumana ‘dipelaelo’, ‘belaellang’ le ‘dipelaelo’. Le mantswe ana a ntse a tswa kutung e le
nngwe e leng ‘belaela’.

Phetapheto ya moelelo
• Molathothokisong wa 6 ho sebedisitswe phetapheto ya moelelo ka tshebediso ya mantswe
‘Dithohako’ le ‘ditlhapa’. Sebetsa sena sa bothothokisi se sebedisitswe ka sepheo sa ho
toboketsa/hatella se bolelwang e leng ntlha ya hore leha batho ba ka o rohaka, dithohako tseo ha di
no tswela pele ho hola feela di ka sitisa wena ho hola bophelong. Phetapheto ena e boetse e
iponahatsa molathothokisong wa 34 ka tshebediso ya mantswe ana ‘dikomang’ le ‘diqabang’.

Phetapheto ya mantswe e tsepameng


• Melathothokisong ya 6 le 7, ho sebedisitswe phetapheto ya mantswe e tsepameng ka tshebediso
ya lentswe ‘hole’. Le yona phetapheto ena e ntse e sebedisitswe ka sepheo sa ho hatella/toboketsa
moelelo wa lentswe leo le ho fetisa mohopolo wa ho hola/kgolo o qholotswang molathothokisong e
ka hodimo le ho o fetisetsa molathothokisong o latelang.

Poeletsomodumo
• Melathothokisong wa 19 sethothokisi se sebedisitse poeletsomodumo ka tshebediso ya modumo
wa ‘kg’ o fumanwang mantsweng, ‘dikgukguni’ le ‘kgukguna’. Modumo ona wa ‘kg’ o sala o ntse o
duma ditsebeng tsa mmadi mme o bopa morethetho o molodi o sa tlo lebaleha tsebeng tsa mmadi.

Maelana
• Molathothokisong wa 22 ho sebedisitswe maelana ‘Ho holofatsa pelo’. Sethothokisi se hlalosa hore
ho boima ha pelo e holofetse hobane monga yona o sitwa ho phomola. Maelana a sebedisitswe ka
sepheo sa ho hlakisa moelelo wa hore pelo e diqaka, e sitisa monga yona ho phomola.

45
Tshwantshiso
• Molathothokiso wa 26, ho hlahella mokgabisopuo o bitswang tshwantshiso. Sena re se bona
mantsweng ana a rehellang ‘matshwenyeho’ ka hore ‘ke kobo’. E le ho hlalosa hore batho bohle ba
na le mathata. Le molathothokisong wa 34 re ntse re fumana tshwantshiso ‘Dikomang ke
motheo’. Molathothokisong wa 40 tshwantshiso e hlahella ha ho rehellwa ‘bophelo’ ka hore ke ‘mpho’
hape ke ‘lehlohonolo’. Sepheo ke ho hlakisa haholwanyane hore bophelo ke mpho le lehlohonolo.

Mothofatso
• Molathothokisong wa 31, ho sebedisitswe mothofatso ka tshebediso ya lentswe ‘futuhela’.
Dingongoreho ha di na bophelo hoo di ka kgonang ho o futuhela/lwantsha. Sena se boela se ipheta
molathothokisong wa 32, lentsweng lena: ‘suthela’. Dingongoreho ha di na bokgoni ba ho ka sutha
le ho futuha.

Papiso/Tshwantshanyo
• Molathothokisong wa 36, ho sebedisitswe papiso/tshwantshanyo ho toboketsa ntlha ya hore ha
dikomang di se di o hlasetse, di kgona ho manama hodima hao jwalo kaha letsetse le etsa. Lebopi
lena ‘jwalo ka’ le bontsha hore ho bapiswa dintho tse pedi tse batlileng di etsa ketsahalo e itseng ka
ho tshwana.

Lebotsi
• Molathothokisong ya 38, sethothokisi se sebedisitse lebotsi. Se botsa potso ka sepheo sa ho phoqa
kaha se ipotsisa potso eo se nang le karabo ya yona kapa eo karabo ya yona e hlahellang moleng
o latelang. Sepheo ke ho imakatsa.

Phetapheto ya mantswe e diehisitsweng


• Hona melathothokisong ya 37 le 39, ho hlahella lentswe lena: ‘lese’. Lewa lena le bitswa ka hore ke
phetapheto ya mantswe e diehisitsweng hobane ka tlwaelo, lentswe lena le ne le lokela hore e
be phetilwe molathothokisong wa 38. Sepheo ke ho hatella mohopolo oo. Lentswe lena ‘lesa’ le ka
boela la bitswa lentswelekgohledi kaha le kgohlela hantle ho feta ha sethothokisi se ne se itse ‘o
tlohele’.

Kgefutsohare /Sejura.
• Molathothokisong wa 40, re fumana kgefutsohare/sejura. Kgefutsohare e sebedisitswe ka sepheo
sa/ ho katla/kgina morethetho hore moelelo o thopothele le ho fokotsa bolelele ba molathothokiso.
E bile hape e sebedisitswe ho lekalekanya moelelo wa mantswe ‘mpho’ le ‘lehlohonolo’ hobane ha
o fuwa se itseng, seo se bolela hore o lehlohonolo.

10.2.5. Sehalo le maikutlo

• Sehalo seo mongodi a se sebedisitseng thothokisong ena, ke sa motho ya kgothetseng haholo


maikutlong. Hona ho etsa hore a kgothatse ba bang ba tetebetseng mme ba tshepe Modimo.
• Maikutlo a qholotswang mona, ke a ho elelliswa hore mahlohonolo a potapotileng motho a mangata
ho thibang letsatsi ho feta ditletlebo tse se nang molemo tseo batho ba di entseng mabaka.

46
10.2.6. Mookotaba le molaetsa

• Mookotaba wa thothokiso ena ke hore teboho ke ntho ya bohlokwa bophelong.


• Molaetsa thothokisong ena ke hore mahlohonolo a potapotileng motho a mangata ho feta ditletlebo
hobane tsona ke tsa nakwana.

10.2.7. Tlotlontswe

Lentswe Tlhaloso
Kgabane Motho ya hlomphehang ka ho etsa diketso tse kgahlisang.
Tao Ke sebaka /lefelo.
Mankwaneng Ke ho lahlela ho itseng hole /matjoing/mangopeng.
Difi Ke maraba.
Dikaqa Ho bolelwa pelo e mafito e mpe.
Ho peretlisa Ho bua ka ntho o sa kgaotse ka mokgwa o tena.
Ho natsa Ho tsotella.

10.2.8. DIPOTSO LE DIKARABO

DIPOTSO

1. Qolla melathothokiso moo ho sebedisitsweng lehokela temanathothokisong ya 21 o


be o bolele hore lehokela leo le bopilwe ka lentswe lefe. (2)

2. Phetapheto ya mantswe e qalang melathothokisong ya 30 le 11, e sebedisitswe ka


sepheo sefe? (1)

3. Qetellong ya molathothokiso wa 27 ha ho na letshwao la ho bala. Hana bokgabo boo


bo bitswa eng? (1)

4. Bolela hore mokgabisopuo o sebedisitsweng molathothokisong wa 36 o hlakisa


moelelo wa molathothokiso oo jwang. (2)

5. Bohlokwa ba sejura se hlahellang molathothokisong wa 40 ke bofe. (2)

6. Akaretsa molaetsa o jerweng ke thothokiso ena ka polelo E LE NNGWE e jereng (2)


mohopolo wa sehlooho. [10]

DIKARABO

1 Melathothokisong ya 1 le 2. ✓ Ka lentswe ditshokelo.✓ (2)

2 Sa ho ntshetsa pele mohopolo le ho tlamahanya melathothokiso eo.✓ (1)

3 Enjambamente/Molamotjetje/Molapholletsi.✓ (1)

4 O hlakisa hore dikomang ha di no o tlohela mme o tla dula o ntse o komakoma kamehla
yohle.✓✓ (2)

47
5 Ke ho lekalekanya mohopolo wa mantswe a tlang pele ho sejura le a tlang kamora
sejura seo.✓✓ (2)

6 Molaetsa ke wa hore motho a kgotsofalle seo a nang le sona, a lese ho komakoma


kapa hona ho belaela.✓✓ (2)
[10]

11. THOTHOKISO YA 7: BA ILENG BA ILE – JG Mochoancoeng

1 Diolo tse ngata, tse motopo,


2 Mahlabatheng kwana Sahara,
3 Di supa moo re phomotseng teng,
4 Bahale ba ntwa ya Hitlara,
5 Sera sa tokoloho.

6 Re ne re bitswe ke balaodi,
7 Ba re e wetse kgomo Yuropo,
8 Ra tela menyaka le maifo,
9 Ho e namola e kgubedu,
10 Ntwa mahlomola.

11 Setumo e ne e se sepheo sa rona; RE LEBALENG, LE


12 Dikgabiso re ne re sa di natse, ITSHEBELETSE!
13 Ho lwana e ne e le mosebetsi wa rona,
14 Re lebaleng, le itshebeletse.
15 Ba ileng ba ile.

16 Leha re le hole le lona,


17 Re arohantswe ke dithota le mawatle,
18 Ka dipelo re haufi.
19 Lona, tswelang pele,
20 Re tla ithoballa.

21 Le se ke la re hlorela;
22 Phethisang takatso tsa rona;
23 Le hlole bora malapeng a lona,
24 Re phomole, re fumane kgotso,
25 Eo re e shwetseng.

48
11.1. Kgutsufatso ya thothokiso

Thothokisong ena sethothokisi se bua ka bahale ba Afrika Borwa ba neng ba romelletswe ho ya


lwana ntweng ya Bobedi ya Lefatshe, e neng e tsejwa ka hore ke ntwa ya Hitlara. Hitlara e ne e le
mmusi ya neng a sa batle ho bona batho ba phela ka tokoloho. O ne a ipatla a busa lefatshe a le
laola. Lebaka le leholo le ba isitseng moo ke hobane balaodi ba ne ba ba bitse le ho bolela hore
bothata ke bo boholo Yuropo, ba ile ba tela tsohle ba ya thusetsa. Bahlabani ba Afrika Borwa ba ile
ba hlokahala ntweng eo. Sethothokisi se bua ka mabitla a bahlabani bana a setseng lehwatateng la
Sahara.

Se tswela pele ka ho bolela hore bahlabani ba ne ba sa ela setumo moo empa e ne e le mosebetsi
wa bona. Ka hona bafu bana ba bahlabani, ba kopa hore ba setseng ba tswele pele ka bophelo,
bona ba ile, ba ile ha ba sa tla kgutla. Leha ba le hole ho malapa a bona, empa ba teng ka hara
dipelo tsa bona. Ba kopa hore ba tlohellwe ba iphomolele ka kgotso, mme ba phelang bona ba nne
ba tswele pele hantle ka merero ya bona ba se ke ba ba hlorela.

49
11.2. Manollo ya thothokiso

11.2.1. Tlhaloso ya sehlooho


Sehlooho sa thothokiso ena ke ‘Ba ileng ba ile’. Sehlooho sena se bolela hore batho ha ba se
ba hlokahetse ba ke ke ba hlola ba kgutla le ka letsatsi la mohlolo.

11.2.2. Mofuta wa thothokiso


Thothokiso ena ke ya Kodiyamalla. Mofuteng ona wa thothokiso ho totobatswa dillo tsa
mahlomola tse bakilweng ke lefu. Ha le hlathile, le siya mapalesapelo hobane ba setseng ba
lahlehetswe ke eo ba neng ba mo rata. Leha ho le jwalo, makgetha a kodiyamalla ha a utlwahale
hantle thothokisong ena hobane ya buang ke e mong wa ba ileng ba feta lefatsheng ntweng eo.

11.2.3. Mola wa thothokiso


Mela ya thothokiso ena e bopilwe ka dibetsa tsa bonono tse fapaneng. Dibetsa tsena di na le
morero le sepheo sa ho hatella le ho fana ka kutlwisiso e tebileng ya thothokiso.
11.2.4. Manollo ya mola ka mola

Tshwantshiso
• Molathothokisong wa 1 ho sebedisitswe tshwantshiso hobane ho rehelletswe mabitla ka hore ke
‘diolo’. Sebetsa sena se sebedisitswe ka sepheo sa ho hlakisa hore mabitla ao ke ditutudu tse kgolo.

Kgefutsohare/Sejura
• Hona molathothokisong wona ona, ho hlahella kgefutsohare/sejura. Lewa lena le sebedisitswe ka
sepheo sa ho katla morethetho le ho fokotsa bolelele ba molathothokiso.

Pebofatso
• Molathothokisong wa 3 ho sebedisitswe pebofatso ka tshebediso ya mantswe ‘moo re phomotseng
teng’ bakeng sa hore ‘moo re patilweng teng’. Sepheo ke ho fokotsa bohale ba mantswe a buang
ka ho patwa.

Anastrofi
• Molathothokisong wa 7 ho sebedisitswe anastrofi. Anastrofi ke tatellano e sa tlwaelehang ya
mantswe. Mola oo o ne o lokela ho baleha tjena ka puo e tlwaelehileng: ‘Ba re kgomo e wetse
Yuropa’. Mantswe e tlisitswe pele ho ‘kgomo’ ke ‘e wetse’ ka sepheo sa ho a qatsohisa le ho a
toboketsa hore a tle a be le sefutho. Le molathothokisong wa 11 ho ntse ho sebedisitswe anastrofi
hobane mola oo o ne o lokela ho baleha ka mokgwa ona ‘Sepheo sa rona e ne e se setumo’. Le
molathothokiso wa 12 o ne o lokela ho baleha tjena ‘Re ne re sa di natse dikgabisa’.
Molathothokisong wa 13 le teng ho qatsohisitswe mantswe ana ‘ho lwana’ hobane ka puo e
tlwaelehileng mola o ne o lokela ho baleha tjena; ‘E ne e le mosebetsi wa rona ho lwana’. Ka tsela
ena ho a hlaka hore temanathothokiso ena ya 3 e kgabile haholo ka anastrofi.

Tlohelo
• Molathothokisong wa 9 ho sebedisitswe tlohelo ka ho siuwa ha lentswe lena ‘ntwa’ le neng le lokela
ho kena pakeng tsa ‘namola’ le ‘e’. Sepheo sa ho sebedisa tlohelo ke ho potlakisa morethetho wa
thothokiso le ho fokotsa bolelele ba molathothokiso.

50
Phetapheto ya moelelo
• Melathothokisong ya 11 le 12 ho sebedisitswe phetapheto ya moelelo mantsweng ana: ‘Setumo’
le ‘Dikgabisa’. Lewa lena le sebedisitswe ka sepheo sa ho hatella hore masole ao a ne a sa ya
ntweng bakeng sa ho fumana thoriso empa a ne a ile ho ya lwanela naha ya habo ona.

Pheteletso
• Molathothokisong wa 10 ho sebedisitswe pheteletso. Sena se thusa ho hlakisa kamoo ntwa e neng
e le mpe kateng empa ha ho bolele hore e ne e nkile mmala o mofubedu.

Kgefutsohare/Sejura
• Molathothokisong wa 14 ho sebedisitswe lewa le bitswang kgefutsohare/sejura. Lewa lena le
sebedisitswe ka sepheo sa ho katla morethetho wa thothokiso le ho fokotsa bolelele ba
molathothokiso. Molathothokisong wa 24 kgefutsohare e sebedisitswe bakeng sa ho lekalekanya
moelelo wa mantswe ana ‘Re phomole’ le ‘re fumane kgotso’.

Tatolano ya mantswe
• Molathothokisong wa 16 le 18 ho sebedisitswe lewa le bitswang tatolano ya mantswe ana a
latelang: ‘hole’ le ‘haufi’. Sena se etswa ka sepheo sa ho hlakisa moelelo wa hore masolo e ileng
boyabatho leha a le hole, a ntse a ntse a le haufi le ba phelang ka dipelo.

Lebitsa
• Molathothokisong wa 19 ho sebedisitswe lebitsa. Sethothokisi se sebedisitse lebitsa ho hoeletsa le
ho bitsa eo ho buuwang le yena hore a tle a thehe tsebe a mamele.

Kgonyetso
• Molathothokisong wa 22 ho sebedisitswe kgonyetso. Ka tshebediso ya lentswe ‘takatso’.
Sehlongwapele sa lentswe se tlositswe ka sepheo sa ho potlakisa morethetho, ho fa lentswe leo
sefutho le ho fokotsa bolelele ba molathothokiso.
11.2.5. Sehalo le maikutlo
• Sehalo seo mongodi a se sebedisitseng ke sa ho hlora le ho tetebela ho bakwang ke tahlehelo ka
lebaka la lefu.
• Maikutlo a qholotswang ke a qenehelo le a ho utlwa bohloko hobane bang ka malapa a itseng ba ile
ba lahlehelwa ke maphelo a bona ba siya bahlolohadi le dikgutsana malapeng.

11.2.6. Mookotaba le molaetsa.


• Mookotaba wa thothokiso ena ke hore ‘Ba ileng, ka tsela ya lefu, ba ke ke ba kgutla’.
Molaetsa kapa thuto ya yona ke ya hore bophelong re lokela ho amohela maemo a ditaba leha a ka
ba bohloko jwang hore bophelo bo tle bo kgone ho tswela pele.
11.2.7. Tlotlontswe

Lentswe Tlhaloso
Motopo Sebopeho se entseng tsullunyana e yang hodimo
Mahlabatheng Tulo e batalletseng e sa meleng letho/lehwatata
Diolo Ke ntlo ya bohlwa.
Ho namola Ho kena dipakeng.
Bahale Masole a ntwa
Kgomo e wetse Bothata bo teng
Menyaka Tse monate, tse thabisang

51
11.2.8. DIPOTSO LE DIKARABO

DIPOTSO

1. Ke mokgabisopuo ofe o sebedisitsweng molathothokisong wa 1, mme o thusa ho


hlakisa moelelo wa molathothokiso oo jwang? (2)

2. Hlalosa sepheo sa phetapheto ya moelelo e hlahellang molathothokisong wa 8 o be


o qotse mantswe ao. (2)

3. Anastrofi e hlahellang molathothokisong wa 7 e sebedisitswe ka sepheo sefe? (2)

4. Bontsha kamoo sethothokisi se sebedisitseng tatolano ya mohopolo kateng


melathothokisong ya 16 le 18. (2)

5. Ke thuto efe eo o e unneng kamora ho bala thothokiso ena? (2)


[10]

DIKARABO

1. Sebetsa sena se sebedisitswe ka sepheo sa ho hlakisa hore ditutudu tseo tse kgolo
ke mabitla a mangata. (2)

2. Lewa lena le sebedisitswe ka sepheo sa ho hatella hore masole ao a ile a tlohela


bophelo bo monate, bo mofuthu naheng ya bona bakeng sa mosebetsi. ‘menyaka’
le ‘maifo’. (2)

3. Lentswe e tlisitswe pele ho ‘e wetse’ ka sepheo sa ho le qatsohisa le ho le


toboketsa hore le tle le be le sefutho. (2)

4. Molathothokisong wa 16 le 18 ho sebedisitswe lewa lena ka ho tlola molathothokiso


dipakeng. Moo ho hlahellang lewa le bitswang tatolano ya mantswe ana a latelang:
‘hole’ le ‘haufi’, e le ho tiisa hore leha ba le hole, ka hare ho dipelo tsa bona ba
haufi. (2)

5. Molaetsa /thuto ya yona ke ya hore ha ditaba tsa hao di sa tsamaye hantle, o ka


hopola ba fetileng empa o se eme nqa e le nngwe. (2)
[10]

52
12. THOTHOKISO YA 8: SE IKGANTSHE - TJ Mahapa

1 Se ka ikgantsha hle ngwaneso,


2 Fatshe le a potoloha, ke lebidi;
3 Ba neng ba tshwana le wena,
4 Kajeno ba tseba ho dumedisa.
5
Se ka ikgantsha hle ngwaneso,
6 Ha o thotse bohobe ba ho ja,
7 Nthwena ke ntlole ke o tlole,
8 Kajeno ke wena, hosane ke nna.
9
10 Ba kae boRamabenkele ngwaneso?
Ba neng ba ikgantsha tjee ka wena,
11 Fu ba iphenethile la Judase Iskariotha;
12 Le wena lemoha se ka ikgantsha hle! MORUI ELWA WA MOHLA
13 MONENE, KAJENO O TSHABA
14 O kae morui elwa wa mohla monene? HO TEANYA MAHLO LE BATHO!
15 Kajeno o ja jwang le dikgomo,
O phela ka dilopi, ke mokopakopa;
16 Le wena se ke wa ikgantsha hle!
17
18 O kae Raselaga elwa wa moruihadi?
19 Ke elwa maphaong, kgohlong tsa dithaba,
20 Kajeno o tshaba ho teanya mahlo le batho,
Hoba o ne a ikgantshetsa bona jwalo ka wena.
21
22 Se ka ikgantsha hle ngwaneso,
23 Hopola molao wa Jehova moetsi wa tsohle,
24 Bohlweki le boikokobetso di pela Hae ka mehla;
25 Tsohle tsa rona ha di tlotlise Yena.

12. 1. Kgutsufatso ya thothokiso

Thothokisong ena sethothokisi se lemosa moikgantshi hore a tsebe taba ya hore bophela bo a
fetoha. Tsatsing lena ke wena le hlahlamang ke e mong. Se etsetsa moikgantshi mehlala mme
se mo hopotsa ka batho ba kileng ba ikgantsha jwalo ka ka yena e leng boRamabenkele,
moruihadi le Raselakga. Jwale, sethothokisi se hlalosa kamoo ba seng ba itshwabela kateng
hobane ba ne ba kgella batho ba bang fatshe. Ka hona, se mo eletsa hore a se ikgantshe mme a
nne a hopole hore ntho e nngwe le e nngwe, e entswe ke Jehova kahoo sohle seo re se etsang
se lokela ho tlotlisa yena.

12.2. Manollo ya thothokiso

12.2.1. Tlhaloso ya sehlooho


Sehlooho sa thothokiso ena ke ‘Se ikgantshe’. Sehlooho sena se bolela hore batho ha ba
aparetswe ke lehlohonolo, ba hopole hore letsatsi le a tla moo lehlohonolo leo le tla yang bathong
ba bang; mme yena a sale a itlhopere ka hona a phele le batho ka tsela e nepahetseng.

53
12.2.2. Mofuta wa thothokiso
Thothokiso ena ke ya thuto. Mofuteng ona wa thothokiso ho totobatswa dikeletso/dikgothatso tse
ahang kapa hona ho ntlafatsa maemo a bophelo a ba bang ka kakaretso. Sesotho se re e kgopjwa
e le maoto a mane, kahoo ho hlokahala hore ho bulwe batho mahlo hore ba se wele bothateng.

12.2.3. Mola wa thothokiso


Mela ya thothokiso ena e bopilwe ka dibetsa tsa bonono tse fapaneng. Dibetsa tsena di na le
morero le sepheo sa ho hatella le ho fana ka kutlwisiso e tebileng ya thothokiso.

12.2.4. Manollo ya mola ka mola

Kgonyetso
• Molathothokisong wa 2 ho sebedisitswe kgonyetso lentsweng lena ‘fatshe’ ka ho tlosa
sehlongwapele sa lona. Sethothokisi se sebedisitse lewa lena bakeng sa ho potlakisa morethetho
wa thothokiso kapa ho fokotsa bolelele ba molathothokiso. Kgonyetso ena e boetse e iponahatsa
molathothokisong wa 11 ka tshebediso ya lentswe lena ‘fu’ bakeng sa ‘lefu’.

Phetapheto ya moelelo
• Molathothokiso wa 15, sethothokisi se sebedisitse phetapheto ya moelelo hobane
molathothokisong oo, sethothokisi se bua ka ntho e le nngwe empa ka mantswe a fapaneng
molathothokisong oo.

Mohlala: O phela ka dilopi, ke mokopakopa;

Bohlokwa ba yona ke ho hatella/toboketsa taba ya o hlophehile haholo mme o phela ka ho kopa.

Kgefutsohare/Sejura
• Hona molathothokisong wa 2 ho sebedisitswe kgefutsohare/sejura. Kgefutsohare e sebedisitswe
ka sepheo sa ho lekalekanya moelelo wa mantswe ‘le a potoloha’ le ‘lebidi. Moelelo ona o lekana ka
lebaka la hobane lebidi ha le tsamaya, le a potoloha. Kgefutsohare e boetse e iponahatsa
molathothokisong wa 8. Kgefutsohare e ntse e iponahatsa hape molathothokisong wa 15 ka
tshebediso ya mantswe ana ‘ho phela ka dilopi’ le ‘mokopakopa’. Le molathothokisong wa 18 re na
le phetapheto ena ya moelelo ka tshebediso ya mantswe ‘maphaong’ le ‘kgohlong’.

Tshwantshiso
• Hona molathothokisong wa 2, ho sebedisitswe tshwantshiso hobane lefatshe le rehellwa ka hore
ke ‘lebidi’. Mokgabisopuo ona, o sebedisitswe ka sepheo sa ho hlakisa le ho toboketsa hore lefatshe
ha le a ema nqa e le nngwe, le a potoloha.

Tatolano ya mantswe
• Molathothokisong wa 8 re boetse re fumana tatolano ya mantswe ana ‘ke wena’ le ‘ke nna’.
Tatolano ena e sebedisitswe ka sepheo sa ho bontsha hore bohobe bo ka fumanwa ke motho e
mong le e mong kahoo ha se hantle ho ikgantsha.

Lebotsi (?)
• Molathothokisong wa 9, sethothokisi se sebedisitse lebotsi (?). Se ipotsisa potso ka sepheo sa ho
phoqa kapa ho imakatsa kaha se ntse se tseba karabo ya potso eo ebile ha se a lebella karabo ya
letho. Lebotsi le boetse le hlahella melathothokisong ya 13 le 17.

54
Maelana
• Molathothokisong wa 14, ho sebedisitswe maelana ‘ho ja jwang le dikgomo’. Ka mantswe a mang
ho bolela hore morui eo o se a fapane hlooho. Maelana a sebedisitswe ka sepheo sa ho totobatsa
ntlha ya hore ehlile bophelo ba morui eo ya neng a ikgantsha, bo ne bo fetohile a se a fapane hlooho.
Le molathothokisong wa 19 re ntse re fumana maelana a bolelang hore Raselakga o se a tshaba ho
shebana le batho (ho teanya mahlo le batho).

Lekgotsi (!)
• Melathothokisong ya 12 le 16 re fumana lekgotsi (!). Lekgotsi le sebedisitswe ka sepheo sa ho
imakatsa le ho bontsha ho tshoha.

Papiso/Tshwantshanyo
• Molathothokisong wa 20 ho sebedisitswe papiso kapa tshwantshanyo ho hlakisa kamoo
Raselakga a neng a ikgantsha kateng.

Karaburetso ya pono
• Melathothokisong ya 11, 14 le 18 ho sebedisitswe karaburetso ya pono. Mantswe a
sebedisitsweng melathothokisong ena a re bopela setshwantsho mme eka re bona Judase ha a
iphenetha (mola 1), morui ha a e ja jwang (mola 14) le Raselakga ya ipatileng maphaong le
dikgohlong a tshaba no teanya mahlo le batho. Lewa lena le sebedisitswe ka sepheo sa ho hlakisa
moelelo wa diketsahalo tse boletsweng ho yona.

12.2.5. Sehalo le maikutlo


• Sehalo seo mongodi a se sebedisitseng ke se rutang ka tjheseho e tletseng kopo hore batho ba
kgone ho qoba ditsietsi tse ka mo hlahelang tseleng ya bophelo.
• Sethothokisi se qholotsa maikutlo a boikokobetso le boithobo ho mmadi. Mmadi o lemoha hore
boikgantsho le boikakaso ha ho na moo di isang motho teng. Mmadi o boela a lemoha hore ba
tsamaileg tsela eo, pheletso ya bona e bile masisapelo feela.

12.2.6. Mookotaba le molaetsa.


• Mookotaba wa thothokiso ena ke hore ‘Katleho e se ke ya o etsa makoko’ bophelong, ikokobetse
mme o hlomphe bohle’.
• Molaetsa kapa thuto eo re e fumanang ke ya hore lehlohonolo le bomadimabe ke diyathoteng di
bapile, mme di ka wela mang kapa mang.

12.2.7. Tlotlontswe

Lentswe Tlhaloso
Dilopi Ke metsi a fumanwang mekotjaneng e entsweng ke mehlala ya maoto a
dikgomo.
Hona ho bolela hore motho o phela ka thata.
Iphenetha Ho ipolaya ka sehloho
Maphaong Lepatso le fumanwang mafikeng.
Kgohlong Sebaka se tshabehang se dikilweng ke matswapo a mabedi. Letswapo ke
sebaka se pakeng tsa dithajana tse pedi tse potelang mme ho a nyolohela ho
ya moo
Mokopakopa Motho ya phelang ka ho kopa bathong ba bang
Di tlotlise Di rorise

55
12.2.8. DIKARABO LE DIPOTSO

DIPOTSO

1. Ke mokgabisopuo ofe o sebedisitsweng molathothokisong wa 2, mme bohlokwa


/sepheo sa wona ke sefe (2)

2. Ke bokgabo bofe ba bothothokisi bo sebedisitsweng molathothokisong wa 9, mme


bohlokwa ba sona ke bofe molathothokisong oo? (2)

3. Kgonyetso e sebedisitsweng molathothokisong wa 11, ka tshebediso ya lentswe 'fu',


e sebedisitswe ka sepheo sefe? (2)

4. Temanathothokiso ya 1 e qholotsa maikutlo afe ho wena? Tshehetsa karabo ya hao. (2)

5. Ke thuto efe eo o e unneng kamora ho bala thothokiso ena? (2)


[10]

DIKARABO

1. Ho hlahella mokgabisopuo o bitswang tshwantshiso hobane lefatshe le rehellwa ka


hore ke ‘lebidi’. Mokgabisopuo ona, o sebedisitswe ka sepheo sa ho hlakisa le ho (2)
toboketsa hore lefatshe ha le a ema nqa e le nngwe, le a potoloha. ✓

2. Ke lebotsi. Sethothokisi se ipotsa potso ka sepheo sa ho phoqa. (2)

3. Sethothokisi se sebedisitse lewa lena ho potlakisa morethetho wa thothokiso kapa


ho fokotsa bolelele ba senoko. (2)

4. Sethothokisi se hlaba moikgantshi malotsana hore bophelo ha bo a ema nqa e le


nngwe hobane tsatsing lena o morui, hosane o mofutsana. Ka hona, phela hantle ka (2)
kgotso le batho bohle.

5. Hore motho ke motho ka batho/ o se phele o le mong hobane hosane o tla ba hloka. (2)
✓ [10]

56
13. THOTHOKISO YA 9: KGOMO TSA BOHADI – H. Mokati
1 A ko thehe tsebe o mamele,
2 O e theetse o tlo nkutlwisise,
3 O nkutlwe ke roka ke thoholetsa,
4 O nkutlwe ke boledisa tseso tsa Taung.

5 Leru la hlaha ka kgalo la motse,


6 Seterekeng sa Heshele Thabalesoba,
7 Bahlankana pitsi di le mabifi,

8 Ho matha tse manaila tsa mehoke,


9 Tsa ha Hlalele di entse kgoba,
10 Kgoba ke kgabo ya role le lefubedu,
11 Role le lefubedu la mohla monene.

12 Tsena di tswela wena Palesa,


13 Wena Tshehlana Seilatsatsi,
14 Sehou pina banna ya utlwahala,
15 Mokorotlong ba di kgitla dikodu,
16 Wa tshela boSenqu le Mohokare. TSENA DI TSWELA WENA PALESA!

17 Mmangwana keledi tsa keleketla,


18 Yaka pula tlhorong Thabalesoba,
19 Tsa itahlela ka hare oka tsa Taung,
20 Basadi ka masokwana ba di toula,
21 Ba di toula ho di kgutlisetsa morao.

22 Tsa shata, tsa bopa, tsa kwebana,


23 Tsa qhala semate thebetha tsa ferella,
24 Banna ba di dikanyetsa ba di kgorometsa,
25 Tsa itahlela ka sakeng la phenama,
26 A re thathalala! Marole a Bataung,
27 A nyetseng Mmahlalele ngwana rona.

13.1 Kgutsufatso ya thothokiso


Thothokisong ena sethothokisi se roka ka motlotlo le boikgantsho ba mohlankana ya rorisang dikgomo
tsa habo, tse nyetseng thatohatsi ya hae. Sethothokisi se bopela mmadi setshwantsho se setle sa
kamoo mohlankana enwa, a leng motlotlo kateng ka dikgomo tseo tsa bohadi tse ileng tsa nyala
mohatsae Mmahlalele.

Temanathothokisong ya pele o mema babadi ho mamela ha a roka, a boledisa dikgomo tseo tsa habo.
Ho ya bobedi o tsebisa babadi ka sebaka seo diketsahalo tseo di etsahetseng ho sona e leng Heshele
Thabalesoba. Athe ho ya boraro o hlalosa bongata ba tsona le kamoo bahlanka ba neng ba di qhoba
kateng. O re ba ne ba di potlakisa, ‘Bahlankana pitsi di le mabifi’. Ho ya bone teng o boledisa tshehlana
ena ya hae e neng e ilo ntshetswa bohadi. O bile o hlalosa le thabo ya banna e utlwahalang dipineng
tsa bona tsa mefutafuta. Ho ya bohlano re bona a totobaletsa babadi tsharelo kapa thabo ya
mmangwanana ha dikgomo tse tlo nyala moradiae di fihla. Thabo kapa tsharelo eo e bonahala ka
dikeledi tse ipetsang. Sethothokisi se boetse se bontsha thabo ya basadi ha dikgomo tseo di fihla habo
Mmahlalele. Temanathothokiso ya bohlano e ntshetsa pele thabo eo ya basadi le banna ka ho hlakisa
papadi e neng e bapalwa ha ba leka ho thibela dikgomo tseo ho se kene sakeng

57
la habo Mmahlalele.
Nalane e kgutshwane ya kamoo Basotho ba neng ba ntsha bohadi kateng
Nalane ena e bohlokwa ebile e a hlokeha molemong wa hore o utlwisise seo ho buuwang ka sona
thothokisong ena.

Ho ntsha bohadi ke tlwaelo kapa moetlo wa bohlokwa wa Basotho. Tlwaelo ena e fupere dintle tsohle
tsa mekgwa le bophelo ba Basotho.

Ha mohlankana a se a kgahluwe ke kgarebe, o ne a tsebisa batswadi ba hae. Bona ba ne ba tla tsebisa


ba leloko. Ramohlankana, e leng ntate wa mohlankana, ha a se a buisane le ba leloko la hae, o ne a
tsebisa ramorwetsana (ntata kgarebe) ka maikemisetso a bona a ho mo etela, ho tla kopa mohope wa
metsi. Ho kopa mohope wa metsi ho bolela ho kopa ho nyala moradi wa hae. Ntata kgarebe le yena o
ne a tla tsebisa ba habo, mme ho dumellanwe ka letsatsi la kopano.

Ka mora dikopano tse mmalwa, ho tla dumellanwa ka sekepele, e leng palo yohle ya dikgomo tse tla
ntshuwa ho nyala kgarebe. Letsatsing le tla beng le behuwe, ba habo mohlankana ba tla tla ba qhoba
dikgomo tseo ba tlileng ho nyala ka tsona. Ho ne ho sa nyalwe ka tjhelete!

Kaha Basotho ke batho ba kgotso ba sa lebaleng tsa kgotso, ho na le papadinyana ya thabo eo ba


habo kgarebe ba neng ba e bapala ha dikgomo tseo di fihla.

Ha ba utlwa medidietsane le ditlatse, ba se ba tseba hore di haufi. Jwale ba tla tswa ka bongata ba leke
ho di thibela hore di se ke tsa kena ka sakeng la ntata kgarebe. Basadi ba tswa ba tshwere eng le eng
feela ho leka ho di tshosa hore di se ke tsa kena. Feela kaha ba habo mohlankana le bona ba tlile ba
se ba itokiseditse papadi ena, ba tla di kgahlapetsa, ba di kgarametse ka matla hore ba ba hlole di kene
ka sakeng. Sheba temanathothokiso ya bohlano le ya botshelela. Ka mora mona he, ho tla thajwa ho
nto welwa kgabong ya dipuisano tsa letsatsi leo. Lena e ne ba letsatsi la ho keteka, ho jowa, ho nowa!

13.2 Manollo ya thothokiso

13.2.1 Tlhaloso ya sehlooho


Dikgomo tsa bohadi ke dikgomo tse ntshwang ke ba habo mohlankana ba di fa ba habo kgarebe eo
mohlankana a kgethileng ho e nyala.

13.2.2 Mofuta wa Thothokiso


Thothokiso ena ke ya tokodiso hobane sethothokisi se lokodisa ka tatellano diketsahalo tsa mohla ho
ntshetswang Mmahlalele dikgomo tsa bohadi. Ho lokodisa ke ho hlalosa/bolela diketsahalo ka
tlhahlamano ya kamoo di ileng tsa etsahala kateng. Tokodiso ena e hopotsa babadi ka meetlo le
ditlwaelo tsa Basotho nakong eo ba nyallanang ka yona. Ke ka hoo e bitswang Sehopotso.

13.2.3 Mola wa thothokiso


Mela ya thothokiso ena e bopilwe ka dibetsa tsa bonono tse fapaneng. Dibetsa tsena di na le morero le
sepheo sa ho hatella le ho fana ka kutlwisiso e tebileng ya thothokiso.

13.2.4 Manollo ya mola ka mola

Kgonyetso
Mona ke ha ho honyeditswe karolo e itseng ya lentswe jwalo ka ho ‘kgomo’ sebakeng sa ‘dikgomo’.
Sheba melathothokiso ya 5, ‘kgalo’, bakeng sa ‘lekgalo’, 7 ‘pitsi’ sebakeng sa ‘dipitsi’ le wa 11, ‘role’,
sebakeng sa ‘lerole’. Sepheo sa tshebediso ya yona ke ho fa lentswe leo le honyeditsweng matla,
kgatello, sefutho se fetang ha le ngotswe ka botlalo. Sheba le molathothkisong wa 17. Ebile hape

58
kgonyetso e potlakisa morethetho wa molathothokiso.

Lebitsa
• Molathothokisong wa pele re fumana sethothokisi se sebedisitse lebitsa ka mantswe ana: ‘A ko’
Bokgabong bona re bua ka lebitsa hobane ho jwalo ka ha sethothokisi se bitsa motho ho etsa se
itseng. Sepheo sa sethohokisi mona ke ho ngoka kapa hona ho hohela mmadi hore a mamele seo
se se buang.

Phetapheto ya moelelo
• Melathothokiso e mmedi e qalang (1 le 2) e fupere phetapheto ya moelelo hobane melathothokisong
eo, sethothokisi se bua ka ntho e le nngwe empa ka mantswe a fapaneng melathothokisong eo.

A ko thehe tsebe o mamele,


O e theetse o tlo nkutlwisise,

Bohlokwa ba yona ke ho hatella/toboketsa taba ya hore se mamelwe ka hloko.

Molathothokisong wa 3, ‘O nkutlwe ke roka ke thoholetsa’, re ntse re fumana phetapheto ya moelelo.


Feela ena ke ya moelelo mantsweng. Ho roka le ho thoholetsa ke ntho e le nngwe e mpang e buang
ka mantswe a fapaneng.

Sepheo e ntse e le sona sa kgatello/toboketso ya ho boledisa se itseng. Mona o re o boledisa tsa


habo tsa Taung.

Melathothokisong ya 3 le 4, ho boetse ho sebedisitswe phetapheto ya moelelo melathothokisong. Se


hatellwang moo ke ho utlwa se phafa kapa se rorisa tsa habo sona tsa Taung.

Neeletsano/phetapheto e tsepameng
• Molathothokiso wa 3 le wa 4, e qala ka ‘O nkutlwe ke’, sena ke neeletsano. Re bua ka neeletsano
hobane, mantswe a molathothokisong o ka hodimo (wa 3) e leng ‘O nkutlwe ke,’ a phethwa qalong
ya molathothokiso o latelang e leng wa 4. Ha mantswe ao a sa phetwe qalong ya
molathothokisong o latelang, teng re tla ipuela feela ka phetapheto ya mantswe e tlwaelehileng
kapa yona epanalepsese jwalo ka ha ba bang ba e bitsa. Hape re re ke phetapheto e tsepameng
hobane ‘O nkutlwe ke’ e molathothokisong wa 4, e phetuwe hantle ka tlasa e ka hodimo ho yona.
Ho bontsha hore phetapheto e tsepameng, re seha mola ka mokgwa oo ho entsweng kateng
mohlaleng o ka tlase.

O nkutlwe
O nkutlwe

Neeletsano e sebediswa ka sepheo sa ho tlamahanya melathothokiso eo e mmedi e le ho hlakisa, ho


hatella mohopolo wa hore sethothokisi se rorisa tsa habo sona tsa Taung.

Tlohelo
• Yona e fumaneha molathothokisong wa 4. Ho tlohetswe ‘dikgomo’ ka sepheo sa ho fokotsa
mantswe molathothokisong, e le ho hona ho potlakisa morethetho molathothokisong.

Molathothokisong wa 5 lentswe ‘leru’ le ka bolela lerole le lengata le bakilweng ke mohlape oo wa


kgomo tsa bohadi, o kopaneng le dipitsi (dipere) tse o qhobang. Hape le ka bolela mohlape oo o
mongata wa dikgomo (sereello/tshwantshiso). Hona molathothokisong ona, ho boetse ho na le
kgonyetso ‘kgalo’ sebakeng sa ‘lekgalo’. Lekgalo ke tsela e pakeng tsa dithaba tse pedi kapa pakeng

59
tsa thaba le selomo. Ka mantswe a mang, tsela eo re ka re e mopatisane hobane motho a ke se kgone
ho ya ka ho le letshehadi kapa le letona.

Poeletsomodumo (asonense)
• Ena ke phetapheto ya medumo e itseng. E bitswa asonense hobane ho phetilwe medumo ya
ditumanotshi/didumanotshi (a, e, i, o u).

Yona e molathothokisong wa 7, mme teng ho phetuwe modumo wa ‘i’ ‘Bahlankana pitsi di le mabifi,
Sepheo sa ho e sebedisa ke ho potlakisa morethetho molathothokisong oo.

Neeletsano/lehokela/phetapheto e tshekalletseng
• Re se re buile pejana ka neeletsa mmoho le tshebediso ya yona. Seo re ratang feela ho o
lemosa sona ke hore neeletsano e hlahellang melathothotokisong ya 9 le 10, e ka boela ya
bitswa phetapheto ya mantswe e tshekalletseng. Athe hape e tsejwa ka hore ke lehokela.

Tsa ha Hlalele di entse kgoba,


Kgoba ke kgabo ya role le lefubedu,

Lekola mantswe ana a mabedi, kgoba le kgabo hobane a bohlokwa temanathothokisong ena. Kgoba
ke tabahadi athe kgabo ke mollo o nang le lelakabe le leholo. Jwale, ho thwe dipitsi tseo tsa Bataung
ba ha Hlalele, di ne di bakile tabahadi. Tabahadi ke ntho e makallwang, e tsotwang. Mona ho ne ho
tsotuwe kapa ho makalletswe kgabo ya lerole (lerole le lengata) e bakilweng ke dipitsi tseo tse neng di
jahela mohlape wa dikgomo tsa bohadi.

Bongata ba lerole leo le lefubedu, bo bile ba hopotsa sethothokisi lerole le lefubedu la mohla monene.
Ka tshebediso ya mantswe ana ‘mohla monene’ sethothokisi se omela ketsahalo e kileng ya etsahala
ka selemo sa 1933 moo ho neng ho e na le lerole le lefubedu le neng le bakilwe ke komello. Kahoo re
re sethothokis se sebedisitse komelo.

Karaburetso ya pono
• Temanathothokiso ena e kgabile ka karaburetso ya pono, eo sepheo sa yona e leng ho bopela
mmadi setshwantsho sa se neng se etsahala. Ho ba jwalo ka ha eka mmadi o bona seo ho buuwang
ka sona. Karaburetso ena e hlakisa hantle se hlaloswang.

Neeletsano/phetapheto ya mantswe e tshekalletseng


Ho phetapheto e tshekalletseng, re fumana hore lentswe le phetwang ‘wena’, ha le qalong kapa
qetellong ya molathothokiso. Sheba melathothokiso ya 12 le 13

Tsena di tswela wena Palesa,


Wena Tshehlana Seilatsatsi,

Lebitsomararane/lebitsohokwa
• Lena ke lentswe le bopilweng ka dikarolo tsa puo tse pedi kapa ho feta. E leng ‘Seilatsatsi’ mona.
Sepheo sa ho le sebedisa e ka ba ho fa lentswe leo kgatello e sa tlwaelehang. Hape e ka ba ho
fokotsa palo ya mantswe hobane e ne e lokela ho ba (ya ilang letsatsi), mme sepheo e le potlakisa
morethetho molathothokisng oo (wa 13). Molathothokisong wa 17, ‘Mmangwana’ le ‘Thabalesoba’
ho wa 18.

Phetelletso
• Mokgabisopuo ona o fumaneha molathothokisong wa14. Sepheo sa mongodi ka yona ke ho
hlakisa kamoo mokorotlo oo, o neng o le matla kateng.

60
Tshwantshanyo/papiso
• Yona e molathothokisong wa 18, ‘Ya ka pula ya tlhorong ya Thabalesoba’. E sebedisitswe ka sepheo
sa hlakisa bongata ba meokgo ya mmangwana. Tsa hae dikeledi di ne di hlile di tsholoha.

Anastrofi
• Hopola hore ho anastrofi sethothokisi se fetola tatellano e tlwaelehileng ya mantswe
molathothokisong. Molathothokisong wa 20 ho thwe, ‘Basadi ka masokwana ba di toula’. Athe ka
tlwaelo e ba, ‘Basadi ba di toula ka masokwana’. Sepheo mona ke ho tlisa kgatello kapa hona ho
tsepamisa maikutlo hodima ‘ka masokwana’. Ha o le mmadi ya fadimehileng, o tla bona hore
sethothokisi se re lemosa hore ho ne ho se kamoo dikgomo tseo tsa bohadi, di ka kgutlelang morao
kateng hobane ba di thibelang, ba ne ba di toula ka masokwana! Masokwana e ne e boetse e le
eng mohlapeng oo o neng o bolediswa ka ho re ke dioka, ke marole?

Sejura/kgefutsohare
• Ha re sheba molathothokiso wa 22 re fumana hore sethothokisi se sebedisitse sejura ho totobatsa
mesebetsi ya yona e fapaneng. O qala a e sebedisa ka sepheo sa ho lekanya moelelo wa lentswe
le tlang pele ho yona, le moelelo wa le tlang ka mora yona.

E leng ka shata le bopa. Ka mantswe a mang, moelelo wa mantswe ao o a tshwana. A nto boela
hape a e sebedisa ka sepheo se tlwaelehileng sa ho kgina kapa hona ho katla morethetho
molathothokisong oo. Teng ke ha a e sebedisa dipakeng tsa bopa le kwebana.
Ho lekanya moelelo
Ho katla/kgina morethetho
‘Tsa shata, tsa bopa, tsa kwebana,’

Mohlaleng ona o ka hodimo, re re sethothokisi se sebedisitse sejura e senyekgenyekge hobane ha ho


a tlwaeleha hore e sebediswe jwalo sejura tse pedi molathothokisong o le mong.

Lekgotsi
• Lona le fumaneha molathothokisong wa 26, ‘A re thathalala! marole a Bataung,’ Le sebedisitswe ka
sepheo sa ho rorisa dikgomo tseo tsa bohadi tsa Bataung, tse ileng tsa tlala lesaka habo Palesa.
Re re sepheo sa thoriso hobane e se eka sethothokisi se ne se eme se bohile botle bo bokaalo ha
di shatamane, di tletse lesaka.

Mantswemakgohledi
Hopola hore makgohledi ke mantswe a loketseng ka ho fetisisa moo sethothokisi se a sebedisitseng
teng. A hlalosa ka botlalo seo ho buuwang ka sona. Sheba mehlala e latelang:
o Manaila, lentswe lena le kgohlela hantle moo le sebedisitsweng hobane ho sa hlokehe hore
sethothokisi se hlalose hore se bua ka dipere tse nang le mmala o mosweu.
o Kgoba, lentswe lena le hlakisa hantle moelelo wa seo ho buuwang ka sona ho feta ha mongodi
a ka bua ka le tlwaelehileng e leng, tabahadi kapa mohlolo.
o Kgabo, ke lelakabe le leholo. Sethothokisi se sebedisa lentswe le le leng feela le hlalosang ka
botlalo seo se buang ka sona.

13.2.5 Sehalo le maikutlo


• Sehalo sa sethothokisi ke sa thabo le ho ba motlotlo. Sethothokisi se motlotlo ka dikgomo tsa habo
tse mo nyalletseng mosadi.
• Maikutlo a qholotswang ke thothokisong ena ho mmadi e ntse e le thabo le boikgantsho ka
ditlwaelo le meetlo ya Basotho ekang ho ntsha bohadi.

61
13.2.6 Mookotaba le molaetsa.
• Mookotaba wa thothokiso ena ke ho thetheswa ha bohadi ba Basotho.
• Thuto ya yona ke ya hore ke ntho e ntle, e thabisang ho ya kopa mosadi ka tshwanelo.

13.2.7 Tlotlontswe

Lentswe Tlhaloso
Seilatsatsi morwetsana/mosadi e motle haholo kapa ya botle ba tshomong.
Sehou pina e lerata ya banna ba binang mmoho.
Mokorotlo pina ya banna e binelwang fatshe, ho tiisitswe dikodu eka ho a korotlwa.
Dioka dikgomo/dipholo tse tiileng, tse shahlileng.
Bopa ho shata kapa ho hana ka manganga o bile o tiisitse sefahleho.
Kwebana ho lwantshana ha dipoho/dikgomo ha di hlabana ka manaka
Phenama ho tlala haholo/ho tlala tswete!
Marole manamane a nang le selemo.
Manaila mmala o nang le bosweu maotong a phoofolo haholoholo dipere.
Mehoke Poho ya pere e tiileng.

13.2.8 DIPOTSO le DIKARABO

DIPOTSO

4.1 Tshwantshiso e hlahellang molathothokisong wa 5 e thusa jwang ho hlakisa moelelo (2)


wa molathothokiso oo?

4.2 Bohlokwa ba komelo e fumanwang molathothokisong wa 11 ke bofe? (2)

4.3 Anastrofi e hlahellang molathothokisong wa 20 e sebedisitswe ka sepheo sefe? (2)

4.4 Lentswe lena 'thathalala' le hlahellang molathothokisong wa 22 le hlakisa sehalo sa (2)


thothokiso ka kakaretso jwang?

4.5 Akaretsa maikutlo a hao mabapi le thothokiso ena. (2)


[10]

DIKARABO

4.1 E thusa ho hlakisa bongata ba dikgomo tse neng di ilo nyala Palesa. PP (2)

4.2 Bohlokwa ba yona ke ho omela ketsahalo e ileng ya etsahala selemong sa 1933 ha


lefatshe le ne le aparetswe ke leru le lefubedu. PP (2)

4.3 Ka sepheo sa ho qatsohisa lentswe lesokwana. Ho hlakisa hore ha se ntwa e


mahlomafubedu ba mpa ba di thibela e seng hore ha ba batle di kene, kgangkgolo e
le ho phethisa moetlo le ho ithabisa.PP (2)

62
4.4 Sehalo se bontshang kgotsofalo le ho ba motlotlo ha dikgomo tsa Bataung tse tlo
nyala Palesa di kena ka sakeng le tlala le bile le phename.PP (2)

4.5 Ke thabiswa ke ho bona ha ho sa ntse ho na le banana/barwetsana ba Basotho ba


nyalwa ba sa ikise. PP (2)
[10]

63
14. THOTHOKISO YA 10: EXODA – Jacques G. Mocoancoeng

1 Pele-a-pele, Aforika!
2 Re hopotse fatsheng la nala, Habang ho tshela lewatle!
3 Fatsheng la boiketlo le tokoloho,
4 Fatsheng la tshepiso, Kanana.

5 Hatang hantle, Maaforika!


6 Balehelang sehloho sa Egepeta,
7 Egepeta eo re iphumanang ho yona;
8 Bokgoba ba Aforika Borwa,

9 Lwanang hantle, Maaforika!


10 Lwanelang ditokelo tsa lona,
11 Lwanang jwalo ka Baiseraele;
12 Le tshepile Modimo. KENANG FATSHENG
LA TOKOLOHO!
13 Tadimang pele, Maaforika!
14 Habang ho tshela lewatle, AHE KANANA AHE!
15 Lewatle le letsho, le lefifi;
16 Ho hloka thuto.

(Faro a bua)

17 “Thibang, thibang dihole tseo,


18 Di timeng lesedi le tsebo.
19 Jwang bo ka itekanya le sefate?
20 Mehlolo ha e fele”!

21 “Modimo o re file (ha o bokwe!)


22 Mofuta ona ho re sebeletsa.
23 Ba thibeng, ba ya kae jwale
24 Makgoba aa a rona?”.

25 Mekgatlokgatlo e a phela,
26 E a hlomela, e a bua,
27 E a lwantsha tsohle ditokelo,
28 Tsa mofuta o motsho.

29 Buang, buang, Maaforika!


30 Baiseraele ba kene Kanana,
31 Ba e rekile ka madi a bona,
32 Le lona hlomelang.

(Moshe a bua)

33 “Betang dipelo, bana beso!


34 Tlatsanang ka mehla le ka tsohle.
35 Ho haufi moo re tswang,
36 Ho sebaka moo re yang”.

64
37 “Tloong le ba ka morao, hle!
38 Se dieheng, bana ba Rantsho,
39 Hlomelang ka dibetsa tsa nnete;
40 Thuto, Tsebo, Bohlale."

(Ahe Kanana!)

41 Kanana, ahe, Kanana!


42 Fatshe la pallo la tokoloho;
43 Methwaela e se e finyelletse,
44 Fatsheng leo la tshepiso.

45 Finyellang bohle, Maaforika!


46 Kenang fatsheng la tokoloho,
47 Lwantshang pele Jeriko;
48 Kgethollo ya mmala.

49 Le bine, le bine, Maaforika!


50 Le roke, le rapele Modimo,
51 Motse wa Jeriko o we,
52 Ho kenwe Kanana!

14.1. Kgutsufatso ya thothokiso


Thothokisong ena sethothokisi se a eletsa ebile se kgothalletsa Maaforika Borwa ho lwanela ho tswa
bokgobeng boo ba neng ba le ho bona mmusong o fetileng wa kgatello. Sethothokisi se etsa sena ka ho
bapisa le hona ho tshwantsha mmuso oo wa kgatello le Egepeta e sehloho ya mehleng ya Faro. Aforika
Borwa e lokolohileng ya demokerasi, sethothokisi se e tshwantsha le Kanana eo Baiseraele ba neng ba
e tshepisitswe ha ba tswa Egepeta. Sethothokisi se eletsa Maaforika Borwa ho lwanela ditokelo tsa bona
hantle, ba lwane ba tshepile Modimo. Se re ba lwanele ho hloka thuto. Se boela se ba eletsa ho ba
ngatananngwe, ba sebetse mmoho ho hlola sera, ‘Tlatsanang ka mehla le ka tsohle’. Se bile se ba
kgothatsa hore ba se ke ba tata, ba be sebete.

14.2. Manollo ya thothokiso

14.2.1 Tlhaloso ya sehlooho


Lentswe lena ‘exoda’ le bolela phallo, e leng ho falla. Ka mantswe a mang, ho tloha sebakeng se seng
o ya ho se seng ho ya dula teng. O ele hloko hore thothokisong ena ho buuwang ka ho fallang/ho tloha
mmusong wa kgatello ho ya mmusong wa kgotso le toka e leng wa demokerasi.

14.2.2. Mofuta wa thothokiso


Thothokiso ena ke ya thuto/keletso eo ho yona sethothokisi se eletsang/kgothatsa Maaforika Borwa ho
lwanela tokoloho ya bona Egepeta, e leng mmusong wa pele wa kgatello hore ba kene Kanana eo e
leng Aforika Borwa ya demokerasi. Thothokiso ena ka mantswe a mang e ka bitswa balate jwalo ka ha
mmokelli a bolela. Ho balate ho phetwa pale e itseng ka diratshwana tse kgutshwane.

14.2.3. Mola wa thothokiso


Mela ya thothokiso ena e bopilwe ka dibetsa tsa bonono tse fapaneng. Dibetsa tsena di na le morero le
sepheo sa ho hatella le ho fana ka kutlwisiso e tebileng ya thothokiso.

65
14.2.4. Manollo ya mola ka mola

Kgonyetso
Melathothokisong ya 2, 3 le 4 ho sebedisitswe kgonyetso lentsweng lena, ‘Fatsheng’ sebakeng sa
‘Lefatsheng’. O se o ile wa hlalosetswa pejana hore sepheo sa yona ke ho fa lentswe leo le honyeditsweng
matla, kgatello, sefutho se fetang ha le ngotswe ka botlalo. Hape kgonyetso e potlakisa morethetho wa
molathothokiso.

Sejura/kgefutsohare (,)
• Melathothokisong ya 4, 15, 23 le ho 50 sejura e sebedisitswe ho lekanya moelelo ka sepheo sa ho
hlakisa hantle seo ho buuwang ka sona. E leng hore lefatshe la tshepiso, ke yona Kanana (ho wa 4).
Lewatle le letsho, le lefifi ka mantswe a mang sethothokisi se ntse se hatella botsho boo se buwang
ka bona e leng ho hloka thuto (ho wa 15). Shebisisa le ya 23 le 50. Athe melathothokisong e latelang,
5, 9, 13, 33, 38 le 45 sepheo ke ho katla morethetho wa melathothokiso eo. Le melathothokisong ya
29, 41 le 49 se ntse se katla morethetho ka tshebediso ya sejura e senyekgenyekge. Ha re sheba
molathothokiso wa 22 re fumana hore sethothokisi se sebedisitse sejura ho totobatsa mesebetsi ya
sona e fapaneng. O qala a e sebedisa ka sepheo sa ho lekanya moelelo wa lentswe le tlang pele ho
yona, le moelelo wa le tlang ka mora yona. Boela o shebe hape molathothokiso wa 37, mme o tla
lemoha hore sejura se sebediseditswe ho matlafatsa, ho fana ka kgatello moo hobane ebile ho
sebedisitswe lentswe ‘hle’.

Neeletsano/lehokela/phetapheto e tshekalletseng
• Re se re buile pejana ka neeletsano mmoho le tshebediso ya yona. Seo re ratang feela ho o lemosa
sona ke hore neeletsano e hlahellang melathothotokisong ya 2 le 3 e ka boela ya bitswa phetapheto
ya mantswe e tshekalletseng. Athe e melathothokisong ya 3 le 4, ke e tsepameng.

Phetapheto ya sebopeho sa melathothokiso


• Phetapheto ena jwalo ka tse ding, sepheo sa yona ke ho hatella le ho hlakisa mohopolo oo ho
buuwang ka wona. E bonwa ka melathothokiso e lekanang, e bopilweng ka dikarolo tsa puo tse
tshwanang. Sheba melathothokiso ya 35 le 36. Mohopolo o hlakiswang ho yona ke wa hore Maaforika
Borwa, a sa le ntlhaneng/qalong ya ntwa ya ho lwanela ho tswa Egepeta, e leng mmusong wa
kgatello. Kahoo, ba eletswa hore ba mamelle, ba thusane hore ba hlole sera.

Tshwantshanyo/papiso
• Yona e molathothokisong wa 11, ‘Lwanang jwalo ka Baiseraele’. Papiso ena e sebedisitswe ka
sepheo sa ho hlakisa mokgwa oo Maaforika Borwa a lokelang ho lwana ka wona, e leng wa hore ba
lwane ba tshepile Modimo.

Lekgotsi (!)
• Sethothokisi se sebedisitse lekgotsi melathothokisong e mengatanyana ka sepheo sa ho totobatsa
maikutlo a fapaneng. Melathothokisong ena, 1, 5, 9, 13, 29, 33, 37 le ho wa 45, sethothokisi se
totobatsa maikutlo a kgothatso le keletso ho Maaforika Borwa hore diketso tsa ona, e se be tse
senyang morero wa ho lwanela ho tswa Egepeta. Ebile molathothokisong wa 37 le boela le hlahisa
maikutlo a kopang. Athe melathothokisong ya 21, 41 le ho wa 49 teng, re bona maikutlo a thabo.
Molathothokisong wa 20 lekgotsi le bontsha maikutlo a ho makala, a ho hlollwa.

Lebotsi (?)
• Molathothokisong wa 19 sethothokisi se sebedisitse lebotsi ka sepheo sa ho bontsha ho makala kapa
hona ho hlollwa. Se hlolletswe ke taba ya hore e be jwang bo ka itekanya le difate jwang. O ele hloko
hore molathothokisong oo, sethothokisi se tshwantsha/serehella Maaforika Borwa (Batho ba batsho)
le jwang. Akere Faro (babusi ba mmuso wa kgatello) o a ba nyatsa, o a phoqa? Babusi bao bona ba
itshwantsha le dfate hobane ba ipona ba phahametse jwang.
66
14.2.5. Sehalo le maikutlo
• Thothokisong ena re fumana ho totobala sehalo se kgothatsang, se tshehetsang seo sethothokisi se
buang ka sona. Taba ena e tiiswa ke mantswe le dipolelo tse kang, ‘Hatang hantle’, ‘balehelang
sehloho’, ‘lwanang hantle, le tshepile Modimo’, ‘lwanelang ditokelo tsa lona’, ‘tadimang pele’, ‘Betang
dipelo, bana beso!’ ntle le tikatiko ho totobetse hore sethothokisi se dumellana kapa se tshehetsa
seo ho buuwang ka sona thothokisong.

• Thothokiso ena e tsosa maikutlo a thabo le kgothalo le ho babadi. Sena se totobaletswa ke mantswe
a kang: nala, boiketlo, tokoloho le bophelo bo monate. Maikutlo a mang ao mmadi a bang le ona,
ke a ho ba motlotlo. Ona a totobatswa ke mantswe ao re a fumanang temanathothokisong ya 3, moo
Maafrika a eletswang kapa a kgothatswang ho balehela sehloho (mathata, maima) sa Egepeta
(Aforika ya kgatello/apartheid).

14.2.6. Mookotaba le molaetsa.


• Mookotaba wa thothokiso ena ke hore Maforika Borwa a lwantshe kgethollo ya mmala ho tshwasolla
Aforika Borwa bokgobeng ba mmuso wa kgatello (Egepeta).
• Molaetsa kapa thuto ya yona ke ho eletsa Maaforika Borwa hore a lwane hantle ka Thuto, Tsebo le
Bohlale.

14.2.7 Tlotlontswe

Lentswe Tlhaloso
Nala kgora/ho ngatafala ha dijo.
Makgoba batho ba buswang ke ba bang, ba hatelletswe, ba amohuwe ditokelo tsa
bona.
Mthwaela batho ba seng bangata/ba mmalwa.

14.2.8 POTSO LE KARABO

POTSO E TELELE

Sekaseka thothokiso ena mme o bontshe kamoo e totobatsang/hlahisang sehalo le


maikutlo kateng. Karabo ya hao e be mantswe a 250–300. [10]

KARABO

Selelekela

Sehalo le maikutlo ke maikutlo a sa tshwaneng, a fapanang a hlahellang ka hara thothokiso. Maikutlo


ana a tla hlaloswa ka botebo hore a fapana jwang ha moqoqo ona o tswela pele.

Mmele
Sehalo ke maikutlo a totobatswang ke sethothokisi (mongodi) malebana le seo se ngolang ka sona
thothokisong. Sethothokisi se ka sebedisa sehalo se tshehetsang/dumellanang le seo se buang ka
sona. Ka mantswe a mang, e ka ba sehalo se thabisang, se nyakalatsang, se kgothatsang, jj. Ka nako
e nngwe sethothokisi se ka sebedisa sehalo se kgahlanong le seo se buang ka sona, mme ke moo re
tla utlwa se phoqa, se kobisa, jj. Hape re ka fumana sethothokisi se sebedisitse sehalo se tetebetsang
maikutlo, se bontshang ho hlomoha, kgalefo, ho teneha, jj.

67
Thothokisong ena re fumana ho hlahella sehalo sa thabo se tshehetsang/ dumellanang le seo
sethothokisi se buang ka sona kapa e mong a ka re ho hlahella sehalo se kgothatsang.

Sehalo sena se totobatswa ke mantswe le melathothokiso e kang ena, ‘Hatang hantle, balehelang
sehloho, lwanang hantle le tshepile Modimo, lwanelang ditokelo tsa lona, tadimang pele’. Boholo ba
melathothokiso ena e hlile e bontshang hore sethothokisi se kgotsofetse, se thabile se bile se kgothatsa
Maaforika Borwa ho tswela pele ka ntwa eo a e lwanang ya ho lokoloha pusong e thata, e kgopo ya
mmuso wa ka nako eo. Ho totobetse he hore sethothokisi se thabile, se kgotso ebile se ngotse thothokiso
ena ka maikutlo a dumellanang le seo se buang ka sona.

Maikutlo
Mona re bua ka maikutlo a mmadi. Re lekola hore sehalo sa sethothokisi se tsosa maikutlo afe ho mmadi
ha a ntse a bala ditaba tseo sethothokisi se buang ka tsona thothokiso.

Ditaba tsa thothokiso ena di tsosa maikutlo a thabo, tshepo le kgothalo ho mmadi. Re totobaletswa sena
ka mantswe a kang: nala, boiketlo, tokoloho le bophelo bo monate (Kanana). Ana ke mantswe a hlahang
temanathothokisong ya 1. Temanathothokisong ya 11 re fumana sethothokisi se sebedisitse mantswe a
kang, ‘Ahe Kanana’, ‘Kanana, ahe Kanana’. Maikutlo a mang ao mmadi a bang le ona ke a thabo, a mo
kgothatsang hore sena se lwanelwang se tla fumanwa, mme Maaforika Borwa a tla thaba a hoe a
kgotsofetse a le motlotlo mohla tokoloho. Temanathothokiso e latelang e ntse e mamiella maikutlong ana.
Ho yona Maaforika a kgothalletswa ho tseka ditokelo ya ona, ‘lwanelang ditokelo tsa lona’, ‘lwanang jwalo
ka Baiseraele’. Le temanathothokisong ya 8, re fumana mantswe a reng, ‘Tlatsanang ka mehla le ka
tsohle’. Le ona a tlisa maikutlo a tshepo le motlotlo hobane Maaforika a kgothalletswa ho sebetsa mmoho
kapa ho thusana. A kgothalletswa ho iketsa ngatanngwe hore a tle a hlole. Taba ena e boela e tiiswa ke
mantswe a hlahang temanathothokisong ya 10, moo re fumanang mantswe ana, hlomelang (ikateleng)
ka dibetsa tsa nnete. Ke dife dibetsa tseo? Thuto, Tsebo, Bohlale.

Re tla be re se na nnete ha re ke ke ra bua ka maikutlo a mmadi a ho teneha, a ho kgena/halefa, a ho


tlallana a bakwang ke mantswe a hlahang temanathothokisong ya 5, e leng ‘Thibang, thibang dihole tseo’.
Mantswe ana a halefisa mmadi hobane Faro, e leng moetapele wa mmuso wa kgatello nakong eo, o nka
Maaforika Borwa e le ditseketseke, dilathalatha kapa bona batho ba thuswang ka tsohle. Ke mang ya ke
keng a tenwa a ba a kgentshwa ke mantswe aa? ‘Di timeng lesedi le tsebo’. Mantswe ana a etsa hore
mmadi a tlallane hobane o lemoha hore kgatello eo ya Faro, ke morero wa ka boomo wa ho kgina
Maaforika Borwa hore a se ke a tswela pele.

Ha re boela re tadima le temanathothokisong ya 6, teng re kopana le mantswe ana, ‘Modimo o re file (ha
a bokwe!)’. Sethothokisi se tswela pele ka mantswe ana, ‘Mofuta ona ho re sebeletsa’. Ha ho kgentshe
feela empa ho bile ho ferola dibete ho utlwa Faro, a re Modimo o ba file makgoba a ba sebeletsang! Taba
ena e fufuletsa mmadi hobane o a tseba hore Faro o tlama Modimo ka seo a sa se etsang empa se
entswe ke yena Faro le ba habo!

Qetelo
Ho hlakile ntle le qeaqeo hore thothokisong ena, sethothokisi se kgonne ho sebedisa puo ka tsela e
totobatsang hantle sehalo le maikutlo.

68
15. THOTHOKISO YA 11: KE NE NKA BALEHELA KAE? – KPD Maphalla

1 Eitse ha a se a papaetse, Mohahlaula.


2 Dinaha tsena a se a di paroleditse;
3 Eitse ha a bona belo le fela thota e sala
4 A itshetleha ka sefate, a sheba hodimo.

5 O ne a se a le mehwabadi, Mohahlaula,
6 A le maoma a le metwa, a tshabeha,
7 E ne e le kgale lefatshe le mo thetsaka,
8 Le mo tshepisa ho lona borena bo sa feleng.

9 Jwale a itshetleha ka sefate, Mohahlaula,


10 Jwale a sheba hodimo lehodimong mosepedi;
11 A hweshetsa ka la boikokobetso, a bua le Modimo
12 A re ke ne nka balehela kae, Ntate? KE NE NKA BALEHELA
KAE, HA E SE HO WENA
13 Ke ne nka balehela kae Ramahodimo, RAMAHODIMO?
14 Ke ne nka balehela kae ha ho le hobe?
15 Ha meya ya bophelo e foka haholo
16 Ke ne nka balehela kae ha e se ho wena?

17 Ke ne nka balehela kae Radinaledi,


18 Ke ne nka balehela kae ha ho le bosula?
19 Ha difefo tsa bophelo di mpatetse
20 Ke ne nka balehela kae ha e se ho wena?

21 Ke ne nka balehela kae Ramasedi,


22 Ke ne nka balehela kae ha ho le lefifi?
23 Ha mahadima a benya, tolo le thwathwaretsa
24 Ke ne nka balehela kae ha e se ho wena?

25 Ke ne nka balehela kae Ntataditjhaba,


26 Ke ne nka balehela kae ha tsietsi di nkapara?
27 Ha malwetse a ntika a mpokanela
28 Ke ne nka balehela kae ha e se ho wena?

29 Ke ne nka balehela kae Moetsaditjhaba,


30 Ke ne nka balehela kae ha tsohle di fedile?
31 Ha ditshika di se di hana ho tswela pele
32 Ke ne nka balehela kae ha e se ho wena?

33 Ke ne nka balehela kae Moetsamawatle,


34 Ke ne nka balehela kae Tlatlamatjholo?
35 Ha moya o se o etswa nameng
36 Ke ne nka balehela kae ha e se ho wena?

37 Ke ne nka tshabela kae hle Morena,


38 Ha mafika a helehile ke ne nka tshabela kae?
39 Ha qhobosheane di putlame ke ne nka tshabela kae,
40 Ke ne nka balehela kae ha e se ho wena?

69
15.1. Kgutsufatso ya thothokiso

Thothokisong ena sethothokisi se totobatsa maikutlo a sona, a kamoo se tshepileng Modimo kateng.
Se tiisa hore mathateng, matshwenyehong le maqakabetsing a fapaneng a bophelo, ha ho motho eo
se neng se ka mo tshepa, sa balehela ho yena ha e se ho Modimo feela. Se hlahisa ditsietsi kapa
mathata a 13 ao ha a ne a ka se hlahela, ho neng ho se moo se neng se ka leba teng ntle le ho
Radinaledi. Ditsietsi tsena tsohle ke tse senolang maikutlo a boima, a tebileng a jerweng ke
sethothokisi moyeng wa sona. Kaha sethothokisi se re se tshepile Modimo feela, ha ho makatse ho
bona se sebedisitse mabitso a supileng kaofela a reneketsang kapa a thoholetsang Modimo ona, oo
e leng setshabelo sa sona. Mabitso ana ke, Ramahodimo, Radinaledi, Ramasedi, Ntataditjhaba,
Moetsaditjhaba, Moetsamawatle le Tlatlamatjholo. Mabitso ana ohle ke a bontshang matla le
bookamedi ba Modimo, bo ke keng ba lekanngwa le eng kapa eng. Lemoha hape he hore mabitso ao
ke mabitsomararane/mabitsohokwa.

15.2. Manollo ya thothokiso

15.2.1. Tlhaloso ya sehlooho


Sehloohong sena seithothokisi se maketse kapa se hlolletswe hore e be ke hokae moo se neng se
ka fumana thuso teng ha e se ho Modimo. Se ipotsa hore diketsahalong tse ngata tse neng di se
hlahetse, se ne se ka itshepisa ka mang

15.2.2. Mofuta wa thothokiso


Thothokiso ena ke lekodilo/lehlolohela kapa lerike (lyric) ha re adima lentswe la Senyesemane. Mofuta
ona wa thothokiso o bopehile jwalo ka pina (lekodilo). Lekodilo le tsebahala haholo ka ho pepesa
maikutlo a matla a sethothokisi. Maikutlo ana a sona ke a susumeditsweng ke diketsahalo tse fapaneng
tsa bophelo, tse se thefutseng ha bohloko. Sethothokisi se sebedisa makgane a bothothokisi a
fapaneng ho etsa hore thothokiso ena e utlwahale eka ke pina.

15.2.3. Mola wa thothokiso


Mela ya thothokiso ena e bopilwe ka dibetsa tsa bonono tse fapaneng. Dibetsa tsena di na le morero
le sepheo sa ho hatella le ho fana ka kutlwisiso e tebileng ya thothokiso.

15.2.4. Manollo ya mola ka mola

Kgonyetso
• Melathothokisong ya 3 ‘belo’ bakeng sa ‘lebelo’, 23 ‘tolo’ bakeng sa ‘letolo’ le 39 ‘qhobosheane’
bakeng sa ‘diqhobosheane’. O se o ile wa hlalosetswa pejana hore sepheo sa yona ke ho fa
lentswe leo le honyeditsweng matla, kgatello, sefutho se fetang ha le ngotswe ka botlalo. Hape
kgonyetso e potlakisa morethetho wa molathothokiso.

Sejura/kgefutsohare (,)
• Temanathothokisong tse tharo tse qalang, sethothokisi se sebedisitse sejura e ngata ka sepheo
sa ho katla morethetho melathothokisong eo. Sheba Melathothokiso ya 1, 4, 5, 9, le ho wa 19.
Melathothokisong e meng se ntse se boetse se e sebedisitse empa ka sepheo sa ho lekanya
moelelo wa mantswe a arotsweng ke yona sejura eo. Sheba molathothokiso wa 6, 11, le wa 23.

Phetapheto e diehisitsweng
O hlaloseditswe hore mofuta ona wa phetapheto, o hlahella ha lentswe le ke ke la phetwa
molathothokisong o hlahlamang empa la phetwa ho o latelang oo. E diehisitswe hobane ka tlwaelo
lentswe le phetwa molathothokisong o latelang/hlahlamang. Sheba lentswe ‘Eitse’
molathothokisong wa 1 le ho wa 3. Sepheo sa tshebediso ya yona ke ho hatella moelelo wa hore
ha a se a phaqotse haholo, a bile a bona hore o felletswe ke bohlale o kopa thuso ho Modimo.
70
Maphalla o kgabile ka phetapheto ena thothokisong ena. Melathothokisong e latelang phetapheto
ena e sebedisitswe jwalo ka paterone, 14 le 16, 18 le 20, 22 le 24, 26 le 28, 30 le 32 le ho 34 le 36
– ‘Ke ne nka balehela kae’. Re re phetapheto eo e ikentse paterone hobane moo kaofela ho na le
molathothokiso o tlotsweng, o sa sebediseng, ‘Ke ne nka balehela kae’.

Neeletsano/phetapheto e tsepameng
• Re se re buile pejana ka neeletsano mmoho le tshebediso ya yona. Ditemanathothokisong tsohle
ntle le ho ya bobedi, ho na le neeletsano. Ikgopotse hore neeletsano e hlaha jwang le hore e
sebediswa ka sepheo sefe ka hara thothokiso. Sheba melathothokiso ena, 9 le 10, 13 le 14, 17 le
18, 21 le 22, 25 le 26, 29 le 30, 33 le 34.

Lehlaso
• Hopola hore lehlaso ke phetapheto ya mantswe e hlahellang sebakeng se itseng, se tshwanang
temanathothokisong tse itseng kapa ho tsohle. Sepheo sa ho sebedisa lehlaso ke hatella/toboketsa
moelelo oo sethothokisi se buang ka wona hore a hlake, o hopolehe ho mmadi. Qetellong ya
temanathothokiso e nngwe le e nngwe ho tloha ya 4, ho ya ho ya 10, ho sebedisitswe lehlaso ka
molathothokiso ona, ‘Ke ne nka balehela kae ha e se ho wena?’ Sethothokisi se toboketsa moelelo
wa hore ha ho motho, eo se neng se ka mo tshepa, sa kopa thuso ho yena maemong a boima a
sona ntle le ho Ntataditjhaba.

Enjambement/molamotjetje
• Ditemanathothokisong tse supileng kaofela sethothokisi se sebedisitse enjambemente ka sepheo
sa ho hokela melathothokiso eo e sebedisitsweng ho yona. Ka mantswe a mang, se builweng
molathothokisong o ka hodimo, se tla fella ho o latelang kaha ho se na letshwao la ho bala ho oo
o ka hodimo. Ka mantswe a mang, mohopolo o molathothokisong o ka hodimo, o fella ho o latelang.
Sheba temanathothokisong ya 1, ya 4, ya 5, ya 6, ya 7, ya 8 le ho ya 9. Ho tsona kaofela bokgabo
bona bo sebedisitswe molathothokisong wa boraro.

Lebotsi (?)
Ho tloha temanathothokisong ya 4 ho isa ho ya 10, sethothokisi se sebedisitse lebotsi habedi
temanathothokisong e nngwe le e nngwe. Le hona e le molathothokisong wa bobedi le wa bone.

• Temanathothokisong ka nngwe ho tse boletsweng, lebotsi le hlahella le totobatsa maikutlo a ho


tsieleha le ho imoloha kapa a tshepo ka nako e le nngwe. Mohlala: molathothokisong wa 14 se
re, ‘Ke ne nka balehela kae ha ho le hobe?’. Ana ke maikutlo a ho tsieleha, ho ba mathateng
hobane se ipotsa ke mang ya neng a tla se thusa. Empa molathothokisong wa 16 se re, ‘Ke ne
nka balehela kae ha e se ho wena?’. Molathothokisong ona se a imoloha, se a kgothala hobane
se tseba moo se neng se tla lokela ho tshabela teng hore se fumane thuso.

Makgohledi
Hopola hape he hore re itse makgohledi ke mantswe a loketseng ka ho fetisisa moo
sethothokisi se a sebedisitseng teng. A hlalosa ka botlalo seo ho buuwang ka sona. Sheba
mehlala e latelang:
o Papaela , lentswe lena le kgohlela hantle moo le sebedisitsweng hobane ka bolona le
fana ka moelelo o felletseng wa motho ya balehang e le ka nnete. Sethothokisi se
sebediditse lentswe le le leng sebakeng sa ana, ke matha ke tsohile ke baleha.
o Paroletsa, lentswe lena le fana ka moelelo wa ho feta dibaka tse ngata motho a
tsamaya ka tsela e kgutshwane.
o Mehwabadi, se tlohetse ho bua ka lentswe le tlwaelehileng e leng metopa, e leng
metwa ya e bakilweng ke ho shapuwa ka thupa kapa ka phafa.
o Maoma, se le sebedisitse sebakeng sa, maqeba a mabe hloohong.
71
15.2.5. Sehalo le maikutlo
• Thothokisong ena ho totobala sehalo sa tshepo le kgothalo kaha sethothokisi se tseba hore ho na
le moo se ka tshepelang teng nakong ya mathata a bophelo.
• Mmadi o ba le maikutlo a kopaneng. E leng a kutlwelobohloko le thabo. O ba le maikutlo a
kutlwelobohloko ha a utlwa tse bohloko, tse nyahamisang tse hlahetseng sethothokisi bophelong.
Melathothokisong ya 5 le 6 ho thwe se ne se tshabeha ke maqeba a bakilweng ke batho ba
hlokang nnete. Mmadi o ba le maikutlo a thabo ha sethothokisi se fumana tharollo maimeng a
sona, mme tharollo e le ya moshwelella ya ho tshepela ho monga bophelo.

15.2.6. Mookotaba le molaetsa.


• Mookotaba wa thothokiso ena ke hore batho ba a fetoha empa Modimo ha o fetohe.
• Molaetsa kapa thuto ya yona ke ho eletsa babadi hore ba tshepe Modimo maemong ohle a boima
a bophelo.

15.2.7. Tlotlontswe

Papaela ho matha haholo o baleha o fokaela mohlomong o ya le moo o sa tsebeng.


Paroletsa ho tsamaya o feta hara dibaka tse ding. Ka nako e nngwe o sa tsamaye ka
tsela e potang hole, o kgaoletsa.
Mehwabadi ke metwa kapa metopa e bakilweng ke shatjwa ka thupa kapa phafa.
Maoma maqeba a mabe a hloohong a bakilweng ke ho kgakgathwa.
Mosepedi ke motho ya tsamayang dibaka tse telele ka maoto.
Ditshika ke mesifa
Qhobosheane sebaka seo setjhaba se itshireletsang ho sona, mme ho le boima hob a
direng hore ba fihle ho sona
Mohahlaula motho ya tsamayang hohle a fihla dibakeng tse ngata.
Tlatlamatjholo Modimo

15.2.8. DIPOTSO LE DIKARABO

POTSO

3.1 Ke molathothokisong ofe moo ho sebedisitsweng lebotsi temanathothokisong ya 3? Fana (1)


ka molathothokiso oo

3.2 Ke mokgabisopuo ofe o sebedisitsweng molathothokisong wa 19, mme o thusa ho hlakisa (3)
moelelo wa molathothokiso oo jwang?

3.3 Bohlokwa ba lebitsomararane 'Moetsamawatle' le hlahellang molathothokisong wa 33 ke (2)


bofe?

3.4 Akaretsa mohopolo o jerweng ke temanathothokiso ya 8 ka polelo E LE NNGWE. (2)

3.5 Ke maikutlo afe a qholotswang ke thothokiso ena yohle ho wena? Tshehetsa karabo ya (2)
hao. [10]

DIKARABO

3.1 Ke molathothokiso wa 12 – A re ke ne nka balehela kae, Ntate? ✓ (1)

72
3.2 Ke mothofatso. ✓O hlakisa moelelo wa molathothokiso ka ho bopa setshwantsho se
bontshang kamoo sefefo sena se tlang ka sekgahla kateng, mme sena se bontsha hore
mathata a bophelo a mo hlwele setha.✓✓ (3)

3.3 - Ke ho hatella kapa ho fa lentswe lena 'Moetsamawatle' sefutho ho feta ha o ka re 'Ya


entseng mawatle'.
- Ho fokotsa palo ya mantswe molathothokisong oo.
- Ho fokotsa bolelele ba molathothokiso oo.✓✓ (2)

3.4 Ke mohopolo o reng ha mmele wa motho o se o hana, a se a feletswe ke matla, tshepo ya


hae e nngwe feela, ke ho balehela ho Modimo.✓✓ (2)

3.5 Ke maikutlo a tshepo. ✓ Ke tshepo ya hore leha motho a ka ba mathateng afe kapa afe o
ntse a e na le moo a ka balehelang teng, e leng ho Modimo. ✓ (2)
[10]

73
16. THOTHOKISO YA 12: YA MOHAU MOTHO! – MT Lekitlane

1 Ya re dibe di le jwalo ka madi.


2 Kahlolo re loketswe ke e tshabehang;
3 Motho ha batlwa ya ka re pholosang.
4 Ya mohau motho a iteta sefuba.

5 Mona ha batlwa motho wa nnete sebele,


6 Motho wa sebele ya emelang a hae mantswe,
7 E seng lempetje le tla ja hlanapheto,
8 Ha ditaba di fetoha ebe o fetoha le tsona.

9 Ramautla, Terakone, o na be a ikonka;


10 Be di entse mohoula ka mora rona;
11 A sa bone ya ka di etsetsang leqheka,
12 Ya mohau motho a di lahlela mankwaneng.
RURI HA HO
YA
13 Jeso phelo o rata le ho boulella ba rona,
Hoba ba hae bophelo ha bo time ha bo fele. TSHWANANG
14
15 Haholoholo ha kahlolo e lebile bana ba ntate, LE YENA!
16 Ya kgumamela o a re lwanela enwa motho.

17 Hoja enwa motho a se be teng,


18 Bana batho e ne e le wa ka mohlape;
19 Ho rialo Radihele batho re phonyohile,
20 Ya mohau a se a re lwanetse wa hlooho.

21 Mona lefatsheng ha re mo teteka,


22 Yena lehodimong o ntse a re rapella;
23 Na ntle le eo ya mohau motho,
24 Ke mang ya neng a ka etsa hoo?

25 Ntle le ho ntsha le ha e le peni,


26 Ka ho wa feela ka mangole o rapela,
27 O ka tswa somasomaneng wa pholoha,
28 Ka matla feela a ya mohau motho.

29 Ruri ha ho ya tshwanang le yena,


30 Ya mohau jwalo ka yena ha a yo,
31 Kgolo ha e yo hore o tla ba teng,
32 Hoba motho ke lempetje o a fetoha.

33 Le mohla a boyang sekwele,


34 Ha ho tikatiko, kgang ha eyo;
35 Hore o tla re putsa ka tshwanelo
36 Hoba o mohau eo motho.

74
16.1. Kgutsufatso ya thothokiso
Thothokisong ena sethothokisi se hopotsa babadi ka molemohadi oo Jeso a ileng a o etsetsa batho. Se
re batho ba ne ba lokelwa ke kotlo e kgolo e tswang ho Modimo ka baka la ho kgenathela dibe. Hona
nakong eo, Terakone o ne a nyakalletse, a thabetse hore ha ho kamoo batho ba ka phonyohang kateng
kgalefong ya Ramasedi. Athe Ramasedi ka yona nako eo, o ne a batla motho wa botshepehi, ya

kgonang ho shwela dikano tsa hae hore a namolele batho diatleng tsa Satane. Satane yena o ne a
ikotla sefuba hobane o ne a sa bone ho ka ba le motho ya ka etsang matsapa le mekutu ya ho
tshwasolla batho diatleng tsa hae. Modimo a fumana motho ya boulellang bophelo ba batho ba
qwetseng dibeng. Motho eo ke Jeso. Radihele a swaba, a phoqeha a ba a re, ‘Hoja enwa motho a se
be teng, bana batho e ne e le wa ka mohlape’.

16.2. Manollo ya thothokiso

16.2.1.Tlhaloso ya sehlooho
Sehloohong sena sethothokisi se hlalosa kamoo Jeso a bileng mosa, mohau kateng ho pholosa batho
diatleng tsa ramautla ya neng a thabetse ho ba etsa makgoba a hae.

16.2.2. Mofuta wa thothokiso


Thothokiso ena ke ya tlhaloso hobane sethothokisi se re hlalosetsa kamoo Ramasedi, a ileng a
phemisa batho kotlo kateng. Ka tsela ena sethothokisi se hopotsa babadi ka ketso ena ya mohau e
ileng ya etswa ke Jeso. Ke ka hoo mmokelli a reng ke ya sehopotso. Sethothokisi se re etsetsa
setshwantsho sa kamoo batho ba neng ba kgenathetse dibe kateng. Se re dibe di ne di entse mohoula
ka mora batho. O boela a re etsetsa setshwantsho sa kamoo Jeso e leng motho ya loketseng
mosebetsi ona wa ho namolela batho kateng, se re ke motho wa sebele, ya sa fetoheleng mantswe a
hae.

16.2.3. Mola wa thothokiso


Mela ya thothokiso ena e bopilwe ka dibetsa tsa bonono tse fapaneng. Dibetsa tsena di na le morero le
sepheo sa ho hatella le ho fana ka kutlwisiso e tebileng ya thothokiso.

16.2.4. Manollo ya mola ka mola

Kgonyetso
• Melathothokisong ya 10 ‘Be’ bakeng sa Dibe, 13 ‘phelo’ bakeng sa bophelo. A ke re o se o ile wa
hlalosetswa pejana hore sepheo sa yona ke ho fa lentswe leo le honyeditsweng matla, kgatello,
sefutho se fetang ha le ngotswe ka botlalo. Hopola hore kgonyetso e boela e potlakisa morethetho
molathothokisong.

Sejura/kgefutsohare (,)
• Molathothokisong wa 9 sethothokisi se sebedisitse sejura ka ditsela tse pedi. Se e sebedisitse ho
lekanya moelelo wa mantswe kaha ‘Ramautla’ le ‘Terakone’ ke ntho e le nngwe. Hape se e
sebedisitse ho katla morethetho le ho fokotsa bolele ba molathothokiso. Sheba hape le
molathothokisong wa 34. Le moo sejura e ntse e lekanya moelelo.

Neeletsano/lehokela/phetapheto e tshekalletseng
• Re se re buile pejana ka neeletsano mmoho le tshebediso ya yona. Seo re ratang feela ho o lemosa
sona ke hore neeletsano e hlahellang melathothotokisong ya 5 le 6 e ka boela ya bitswa phetapheto
e tshekalletseng.

75
Tshwantshanyo/papiso
• Yona e hlahella molathothokisong wa 1, ‘Ya re dibe di le jwalo ka madi’. Papiso ena e sebedisitswe
ka sepheo sa ho hlakisa kamoo dibe tsa batho di neng di le mpehadi kateng, e le tse hlotseng, mme
ba lokelwa ke kahlolo e kgolo.

Tshwantshiso/sereello
Tshwantshiso e sebedisitswe molathothokisong wa 7, ‘E seng lempetje le tla ja hlanaphetho’ le ho wa
32, ‘Hoba motho ke lempetje o a fetoha’. Sepheo sa sethothokisi ka yona ke ho hlakisa hore ho ne ho
fela ho batluwa motho ya tshepahalang, ya emang ho seo a se buileng ho se na taba hore

• maemo a jwang. E be motho ya sa fetohakeng jwalo ka lempetje. Sena ke sona se ntseng se totobala
le molathothokisong wa 32. Se hlakang moo ke hore motho o a fetoha, ha a tshepahale.

Tlohelo
• Yona e fumaneha molathothokisong wa 20. Ho tlohetswe ‘molamu’ ka sepheo sa ho fokotsa
mantswe molathothokisong, e le hona ho potlakisa morethetho.

Anastrofi
• Thothokisong ena sethothokisi se kgabile haholo ka anastrofi. Re a tshepa o ntse o hopola hore ho
anastrofi, sethothokisi se fetola tatellano e tlwaelehileng ya mantswe molathothokisong. Sepheo e
le ho tlisa kgatello kapa yona tsepamiso ya maikutlo hodima mantswe a tlositsweng tulong/sebakeng
seo ho tlwaetsweng a sebediswa ho sona.
Sheba molathothokiso wa 3, ‘Motho ha batlwa ya ka re pholosang’. Ka tlwaelo tatellano ya mantswe
e lokela ho ba, ‘Ha batlwa motho ya ka re pholosang’. Ka hoo, kgatello e hodima lentswe ‘motho’
hobane ke lona le tlositsweng sebakeng sa lona sa tlwaelo. Ka tsela e tjena sethothokisi se o lemosa
hore ‘motho’ eo ho buuwang ka yena, o bohlokwa haholo temanathothokisong eo mmoho le
thothokisong yohle.
Anastrofi e sebedisitswe hape melathothokisong ena, 4, 12, 13, 16, 18, 23, 36.

Enjambement/molamotjetje
• Molathothokisong wa 35 sethothokisi se sebedisitse enjambemente ka sepheo sa ho hokela
melathothokiso eo e sebedisitsweng ho yona. Ka mantswe a mang, se builweng molathothokisong
o ka hodimo, e leng wona 35 se tla fella ho o latelang kaha ho se na letshwao la ho bala ho oo o ka
hodimo.

Lebotsi (?)
• Molathothokisong wa 24 sethothokisi se sebedisitse lebotsi ho totobatsa maikutlo a ho makala, se
utlwa se sa tsebe hore e ne e ka ba mang ya entseng se entsweng ke Jeso. Feela o se ke wa
lebala hore sethothokisi se ipotsa potso eo se tsebang karabo ya yona hantle.

Mantswemakgohledi
Re dumela ha jwale o se o tseba makgohledi le sepheo sa tshebediso ya yona. Sheba mehlala
e latelang:
o Lempetje, lentswe lena le kgohlela hantle moo le sebedisitsweng hobane sethothokisi
se le sebedisitse sebakeng sa, ‘motho ya sa tshepahaleng, ya dulang a fetoha diqetong
le ditshepisong tsa hae’.
o Mohoula , lentswe lena le sebedisitswe sebakeng sa, ‘dibe tse ngata tse setseng batho
morao’. Jwale mohoula, o fana ka moelelo o phethahetseng wa seo sethothokisi se se
bolelang.
o Somasomane, se tlohetse ho bua ka mantswe a tlwaelehileng e leng, ‘bothata bo boholo
kapa bo tshabehang’.

76
16.2.5. Sehalo le maikutlo
Thothokisong ena ho totobala sehalo sa thabo le kgotsofalo hobane ho hlakile hore sethothokisi se
thabile ebile se kgotsofetse ha e le mona ho ikonka ha Ramautla, ho fetohile lefeela ha Jeso a lahlela
hole dibe tseo Satane a neng a tshwasitse batho ka tsona.

Le ho mmadi ho qholotseha ona maikutlo ao a thabo hobane a tseba jwale hore le yena o tla kgona ho
qoba kahlolo e sehloho ya Modimo, a e qobiswa ke ‘Ya mohau motho’. Hape o kgotsofetse ho tseba
hore ka baka la ‘Ya mohau motho’, ha a yo mohlapeng wa Terakone.

16.2.6. Mookotaba le molaetsa.


Mookotaba wa thothokiso ena ke hore ‘Lerato la Jeso ho rona ha le na tekanyo’ Ya mohau motho’, e
leng Jeso, o pholosa batho kahlolong e neng e ba tjametse ka baka la dibe tsa bona tse ngatangata.

Molaetsa kapa thuto ya yona ke ho ruta le ho eletsa babadi hore Jeso o rata le ho boulella bophelo ba
bona ebile o ba hloletse ntweng e kgolo kgahlanong le Radihele-sheba temanathothokiso ya 5

16.2.7. Tlotlontswe

Lempetje motho ya sa tshepahaleng ya fetohelang ditshepiso tsa hae.


Mohoula dintho tse ngata tse setseng motho morao.
Somasomane mathata kapa ditsietsi ngata/tse kgolo haholo.
(ntwa) ya kgumamela ntwa e kgolo kapa e mpe.
Ho lwanela molamu wa hlooho ho tshireletsa/pholosa motho mathateng a maholo.
Peni ke sente.
Ho boya sekwele ho kgutlwela ho se itseng kapa tulong e itseng.
Mohahlaula motho ya tsamayang hohle a fihla dibakeng tse ngata.
Ha ho tikatiko ha ho qeaqeo kapa pelaelo.

16.2.8. DIPOTSO LE DIKARABO

POTSO

4.1 Bolela hore sethothokisi se bua ka mang ha se re 'Ya mohau motho'. (1)

4.2 Ke maikutlo a jwang a totobatswang ke temanathothokiso ya 4 ho wena? Tshehetsa


karabo ya hao. (2)

4.3 Ke sebetsa sefe sa bothothokisi se sebedisitsweng molathothokisong wa 13, mme


bohlokwa ba sona ke bofe molathothokisong oo? (3)

4.4 Bontsha kamoo sethothokisi se sebedisitseng kganyetsano ya mohopolo kateng


temanathothokisong ya 6. (2)

4.5 Akaretsa mohopolo o jerweng ke temanathothokiso ya 5 ka polelo E LE NNGWE. (2)

4.6 Ka mantswe a hao hlalosa se bolelwang ke temanathothokiso ya 7. (2)

[12]

DIKARABO

77
4.1 Se bua ka Morena Jeso. ✓ (1)

4.2 Ke maikutlo a thabo. ✓ Tsebo ya hore Jeso o re pholositswe kahlolong ya Modimo e a


thabisa, mme e fana ka tshepo ho batho.✓ (2)

4.3 Ke kgonyetso
- Ho fokotsa bolelele ba molathothokiso.
- Ho fa lentswe 'phelo' sefutho.
- Ho potlakisa morethetho wa molathothokiso oo.
Anastrofi. ✓
- Ho qatsohile lentswe 'phelo' ka sepheo sa ho le matlafatsa/toboketsa.✓✓

(Tshwaya e le nngwe feela le tshehetso ya yona.) (3)

4.4 Sethothokisi se sebedisitse kganyetsano ka ho bontsha hore rona batho ba lefatshe re


ile ra thakgisa Jeso empa yena o ile a re kopela tshwarelo ho Modimo.✓✓ (2)

4.5 Mohopolo ke wa hore Satane o ne a se a ikotla sefuba ka batho ba etsang dibe a re


ke ba hae, a mpa a swaba ha Jeso a ba pholosa dibeng tseo tsa bona.✓✓
(2)

4.6 Motho a ka phonyoha ka ho rapela feela a sa lefa letho. ✓✓ (2)

4.1 Se bua ka Morena Jeso. ✓ (1)


[12]

ELA HLOKO: Dithothokiso tsena tse manollotsweng ka hodimo ke tse kgethilweng bakeng sa ho
ithuta Kereiting ya 12. Tlhahlobong o tla botswa tse nne tsa tsona mmoho le e le nngwe eo o sa e
rutwang. Manollo eo o etseditsweng ka hodimo, e tla o thusa ho araba le yona potso ya thothokiso
eo o sa e rutwang.

17. MEHLODI
DJM Ngcangca: Majwana a motheo – Shuter & Shooter: 1987
MM MOoleleki: Makokonana a neonotaba le dingolwa tsa Sesotho – Vivlia Publishers & Booksellers
1993
Mmokelli DJM Ngcangca: Melodi ya dithothokiso – Macmillan: 2015

78

You might also like